8. yena eo le mo ratang le hoja le sa ka la mmona, mme le hona jwale le dumelang ho yena le hoja le eso mmone. Jwale le nyakaletse ka thabo e ke keng ya bolelwa, e tlotlehang,
9. hobane le tla amohela moputso wa tumelo ya lona, e leng pholoho ya lona.
10. Baporofeta, ba ileng ba porofeta tsa mohau oo le tla o newa, ba ile ba batla tsa pholoho eo, ba di fatisisa.
11. Ba ile ba fuputsa hore na Moya wa Kreste, o neng o le ka ho bona, o supa nako efe, e jwang, ha o paka e sa le pele tsa ho hlokofatswa ha Kreste le tsa tlotla e tlang ho ho latela.
12. Ba ile ba senolelwa hore ba ne ba sa itshebeletse, empa ba ne ba sebeletsa lona ka molaetsa oo le o tsebiswang jwale ke ba le bolellang wona, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong. Ke molaetsa oo le mangeloi a lakatsang ho o utlwisisa.
13. Ka baka leo, itokisetseng ho sebeletsa, ka ho ba tjhatsi dikelellong, le be le boitshwaro, le ntse le tshepile ka ho tlala ho newa mohau, mohla Jesu Kreste a bonahatswang.
14. Le le bana ba mamelang, le se ke la latela ditakatso tsa lona tsa kgale, ha le ne le sa hloka tsebo.
15. Jwalokaha ya le bitsitseng a halalela, le lona le halalele metsamaong yohle ya lona,