3. Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste. Ka baka la boholo ba mohau wa hae, o re tswetse botjha ka tsoho ya Jesu Kreste bafung, hore re tle re be le tshepo e phelang,
4. le lefa le se nang ho bola, leha e le ho silafala kapa ho pona. Ke lona lefa leo le le boloketsweng lehodimong.
5. Ka baka la tumelo ya lona, matla a Modimo a le sireletsa ho le isa pholohong, e seng e loketse ho bonahatswa nakong ya bofelo.
6. Le nyakaletse ke hona, leha hajwale le sa tshwanetse ho hlomoha ka nakwana, ka baka la ho lekwa ka mekgwa e mengata.
7. Kahoo tumelo ya lona e tla bonahala e le ya sebele, ya bohlokwahadi ho feta kgauta e senyehang, leha le yona e lekwa ka mollo. Tumelo eo e tla le fumantsha thoriso, tlotla le hlompho, mohla Jesu Kreste a bonahatswang,
8. yena eo le mo ratang le hoja le sa ka la mmona, mme le hona jwale le dumelang ho yena le hoja le eso mmone. Jwale le nyakaletse ka thabo e ke keng ya bolelwa, e tlotlehang,
9. hobane le tla amohela moputso wa tumelo ya lona, e leng pholoho ya lona.
10. Baporofeta, ba ileng ba porofeta tsa mohau oo le tla o newa, ba ile ba batla tsa pholoho eo, ba di fatisisa.