6. Ke yena Jesu Kreste ya tlileng ka metsi le ka madi; e seng ka metsi feela, empa ka metsi le ka madi, mme ke Moya o Halalelang o pakang hona, hobane Moya ke nnete.
7. Dipaki tse tharo di teng:
8. ke Moya, metsi le madi, mme tse tharo tsena di a dumellana.
9. Ha e le mona re amohela bopaki ba batho, bopaki ba Modimo bo matla ho feta, mme bopaki ba Modimo ke bona: o paketse Mora wa hae.
10. Ya dumelang ho Mora wa Modimo o na le bopaki boo ka ho yena. Ya sa dumeleng ho Modimo, o re Modimo o leshano, kaha a sa dumela bopaki boo Modimo a paketseng Mora wa hae ka bona.
11. Jwale bopaki boo ke bona: Modimo o re neile bophelo bo sa feleng, mme bophelo bona re bo fumana ka Mora wa hae.
12. Ya nang le Mora o na le bophelo boo; ya se nang Mora wa Modimo ha a na bophelo boo.
13. Lona ba dumetseng lebitsong la Mora wa Modimo, ke le ngoletse tsena, hore le tle le tsebe hore le na le bophelo bo sa feleng.
14. Re ka ya ho Modimo ka sebete, hobane, ha re kopa ho hong ho ya ka thato ya hae, o a re utlwa.
15. Jwale, kaha re tseba hore o a re utlwa ha re kopa, re a tseba hore tseo re di kopang ho yena e se e ntse e le tsa rona.
16. Ha motho a bona ngwanabo a etsa sebe se sa bolayeng, a mo rapelle, mme Modimo o tla mo fa bophelo. Ke bua ka ba etsang sebe se sa bolayeng. Sebe se teng se bolayang; hase seo ke reng motho a rapelle ngwanabo ka baka la sona.
17. Tsohle tse sa lokang ke sebe, empa ho na le sebe se sa bolayeng.
18. Re a tseba hore mang le mang ya tswetsweng ke Modimo ha a sa etsa sebe, hobane Mora wa Modimo o a mmoloka, mme E Mobe a ke ke a mo etsa letho.
19. Re a tseba hore re ba Modimo, le hore lefatshe lohle le pusong ya E Mobe.
20. Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.
21. Bana ba ka, itlhokomeleng medimong ya bohata.