5. Ke mang ya hlolang lefatshe, haese ya dumelang hore Jesu ke Mora wa Modimo?
6. Ke yena Jesu Kreste ya tlileng ka metsi le ka madi; e seng ka metsi feela, empa ka metsi le ka madi, mme ke Moya o Halalelang o pakang hona, hobane Moya ke nnete.
7. Dipaki tse tharo di teng:
8. ke Moya, metsi le madi, mme tse tharo tsena di a dumellana.
9. Ha e le mona re amohela bopaki ba batho, bopaki ba Modimo bo matla ho feta, mme bopaki ba Modimo ke bona: o paketse Mora wa hae.
10. Ya dumelang ho Mora wa Modimo o na le bopaki boo ka ho yena. Ya sa dumeleng ho Modimo, o re Modimo o leshano, kaha a sa dumela bopaki boo Modimo a paketseng Mora wa hae ka bona.
11. Jwale bopaki boo ke bona: Modimo o re neile bophelo bo sa feleng, mme bophelo bona re bo fumana ka Mora wa hae.