1. Mang le mang ya dumelang hore Jesu ke Kreste o tswetswe ke Modimo, mme mang le mang ya ratang motswadi, o rata le tswala ya hae.
2. Seo re tsebang ka sona hore re rata bana ba Modimo, ke ha re rata Modimo, mme re phetha ditaelo tsa hae.
3. Seo lerato la Modimo le leng sona ke hore re boloke ditaelo tsa hae. Ditaelo tsa hae ha di boima.
4. Bohle ba tswetsweng ke Modimo ba hlola lefatshe. Tlholo eo re hlolang lefatshe ka yona ke tumelo ya rona.
5. Ke mang ya hlolang lefatshe, haese ya dumelang hore Jesu ke Mora wa Modimo?
6. Ke yena Jesu Kreste ya tlileng ka metsi le ka madi; e seng ka metsi feela, empa ka metsi le ka madi, mme ke Moya o Halalelang o pakang hona, hobane Moya ke nnete.