1 Johanne 4:7-17 BIBELE (SSO89SO)

7. Baratuwa, a re rataneng, hobane lerato le tswa ho Modimo. Mang le mang ya nang le lerato o tswetswe ke Modimo, mme o tseba Modimo.

8. Ya se nang lerato ha a tsebe Modimo, kaha Modimo ke lerato.

9. Seo lerato la Modimo le bonahaditsweng ka sona ho rona ke sena: Modimo o ile a romela Mora wa hae ya inotshi lefatsheng, hore re tle re phele ka yena.

10. Seo lerato le leng sona ke sena: hase hore ke rona ba ratileng Modimo, empa ke yena ya re ratileng, a ba a romela Mora wa hae, hore e be nyehelo ka baka la dibe tsa rona.

11. Baratuwa, ha e le moo Modimo a re ratile jwalo, le rona re tshwanetse ho ratana.

12. Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla. Ha re ratana, Modimo o phela ka ho rona, mme lerato la hae le phethehile ka ho rona.

13. Seo re tsebang ka sona hore re phela ka ho yena, le yena o phela ka ho rona, ke sena: o re neile Moya wa hae.

14. Rona re bone, mme re paka hore Ntate o romile Mora hore e be Mopholosi wa lefatshe.

15. Mang le mang ya pakang hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo, Modimo o phela ka ho yena, le yena o phela ka ho Modimo.

16. Rona re tsebile, ebile re dumetse lerato leo Modimo a nang le lona ho rona.Modimo ke lerato. Ya phelang leratong o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena.

17. Seo lerato le tla be le phethehile ka sona ka ho rona ke sena: re tla ba sebete mohla letsatsi la kahlolo, hobane bophelo ba rona lefatsheng bo tshwana le ba Kreste.

1 Johanne 4