1 Johanne 4:4-11 BIBELE (SSO89SO)

4. Lona bana ba ka, le ba Modimo, mme le hlotse baporofeta bao, hobane ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le ba lefatshe.

5. Bona ke ba lefatshe; kahoo ba bua tsa lefatshe, mme lefatshe le a ba mamela.

6. Rona re ba Modimo. Ya tsebang Modimo o a re mamela, empa eo e seng wa Modimo ha a re mamele. Ke ka sena re tsebang moya wa nnete le moya wa bokgelohi.

7. Baratuwa, a re rataneng, hobane lerato le tswa ho Modimo. Mang le mang ya nang le lerato o tswetswe ke Modimo, mme o tseba Modimo.

8. Ya se nang lerato ha a tsebe Modimo, kaha Modimo ke lerato.

9. Seo lerato la Modimo le bonahaditsweng ka sona ho rona ke sena: Modimo o ile a romela Mora wa hae ya inotshi lefatsheng, hore re tle re phele ka yena.

10. Seo lerato le leng sona ke sena: hase hore ke rona ba ratileng Modimo, empa ke yena ya re ratileng, a ba a romela Mora wa hae, hore e be nyehelo ka baka la dibe tsa rona.

11. Baratuwa, ha e le moo Modimo a re ratile jwalo, le rona re tshwanetse ho ratana.

1 Johanne 4