1. Baratuwa, le se ke la dumela mang kapa mang ya reng o na le Moya. Le mpe le hlahlobe hore na moya oo wa bona o tswa ho Modimo, hobane hohle lefatsheng ho tletse baporofeta ba bohata.
2. Le tla tseba moya o tswang ho Modimo ka sena: Moya o mong le o mong o pakang Jesu Kreste ya tlileng e le motho, o tswa ho Modimo;
3. athe moya o mong le o mong o sa pakeng Jesu, ha o tswe ho Modimo. Moya o jwalo ke wa Sera sa Kreste, seo le utlwileng hore se a tla, se seng se bile se le teng hona jwale lefatsheng.
4. Lona bana ba ka, le ba Modimo, mme le hlotse baporofeta bao, hobane ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le ba lefatshe.
5. Bona ke ba lefatshe; kahoo ba bua tsa lefatshe, mme lefatshe le a ba mamela.