1 Johanne 3:2-16 BIBELE (SSO89SO)

2. Baratuwa, jwale re se re le bana ba Modimo, empa seo re tlang ho ba sona ha se eso bonahatswe. Feela re a tseba hore, mohla Kreste a iponahatsang, re tla tshwana le yena, hobane re tla mmona kamoo a leng kateng.

3. Mang le mang ya nang le tshepo ena ho yena, o a itlhwekisa, jwalokaha le yena a hlwekile.

4. Mang le mang ya etsang sebe o tlola molao; sebe ke ho tlola molao.

5. Le a tseba hore Kreste o tlile ho tlosa dibe, mme ha a na sebe.

6. Mang le mang ya phelang ka ho yena, ha a sa etsa sebe, empa ya ntseng a etsa sebe ha a eso mmone, le ho mo tseba ha a mo tsebe.

7. Bana ba ka, ho se be ya le kgelosang. Ya etsang tse lokileng o lokile, jwalokaha Kreste le yena a lokile.

8. Ya ntseng a etsa sebe ke wa Diabolosi, hobane haesale Diabolosi a etsa sebe ho tloha tshimolohong. Seo Mora wa Modimo a se tletseng ke ho fedisa mesebetsi ya Diabolosi.

9. Mang le mang ya tswetsweng ke Modimo, ha a sa etsa sebe, hobane bophelo ba Modimo bo ka ho yena. A ke ke a hlola a etsa sebe, hobane o tswetswe ke Modimo.

10. Bana ba Modimo le bana ba Diabolosi ba bonahala tjena: Bohle ba sa etseng tse lokileng, kapa ba sa rateng bana babo bona, hase bana ba Modimo.

11. Molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong o re re rataneng.

12. Re se ke ra tshwana le Kaine, eo e neng e le wa E Mobe, mme a bolaya ngwanabo. O ne a mmolaelang? Ke hobane diketso tsa hae di ne di le mpe, empa tsa ngwanabo di ne di lokile.

13. Le se ke la makala, bana beso, ha lefatshe le le hloile.

14. Rona re a tseba hore re ntshitswe lefung, ra iswa bophelong, hobane re rata bana babo rona. Ya se nang lerato o ntse a le lefung.

15. Mang le mang ya hloileng ngwanabo ke mmolai, mme le a tseba hore ha ho mmolai ya ka bang le bophelo bo sa feleng ka ho yena.

16. Re tseba seo lerato le leng sona ka sena: Kreste o re teletse bophelo ba hae; le rona re tshwanetse ho tella bana babo rona bophelo ba rona.

1 Johanne 3