5. Empa ya bolokang lentswe la hae, ke eo ruri lerato la Modimo le phethehileng ka ho yena. Sena ke seo re tsebang ka sona hore re phela ho yena.
6. Ya reng o phela ho yena, eka kgona le yena a tsamaye kamoo Jesu a neng a tsamaya kateng.
7. Baratuwa, taelo eo ke le ngollang yona hase e ntjha, empa ke taelo ya kgale, eo le bileng le yona ho tloha tshimolohong. Taelo eo ya kgale ke lentswe leo le neng le le utlwe.
8. Leha ho le jwalo, ke taelo e ntjha eo ke le ngollang yona; hoo ke nnete ka ho yena le ka ho lona, kaha lefifi le se le ntse le feta, mme lesedi la nnete le se le kganya.
9. Ya reng yena o leseding, empa a hloile ngwanabo, o sa ntsane a le lefifing le jwale.
10. Ya ratang ngwanabo o phela leseding, mme ha ho letho ka ho yena le ka mo dihelang sebeng.
11. Empa ya hloileng ngwanabo o lefifing; o tsamaya lefifing, ha a tsebe moo a yang teng, hobane lefifi leo le foufaditse mahlo a hae.
12. Bana ba ka, ke le ngollahobane le tshwaretswe dibe tsa lonaka baka la lebitso la Jesu.
13. Lona bo-ntate, ke le ngollahobane le tseba ya bileng tengho tloha tshimolohong.Lona bahlankana, ke le ngollahobane le hlotse E Mobe.
14. Lona bana, ke le ngoletsehobane le tseba Ntate.Lona bo-ntate, ke le ngoletsehobane le tseba ya bileng tengho tloha tshimolohong.Lona bahlankana, ke le ngoletsehobane le matla,mme le bolokilelentswe la Modimo ka ho lona,le bile le hlotse E Mobe.
15. Le se ke la rata lefatshe le tsa lona. Haeba motho a rata lefatshe, lerato la Ntate ha le yo ka ho yena,
16. hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe.
17. Lefatshe, mmoho le ditakatso tsa lona, le a fela, empa ya etsang thato ya Ntate o tla phela kamehla yohle.
18. Bana ba ka, e se e le nako ya bofelo. Kamoo le utlwileng kateng hore Sera sa Kreste se a tla, hona jwale dira tsa Kreste di se di le teng ka bongata, mme ke ka hona re tsebang hore e se e le nako ya bofelo.