1 Johanne 2:3-12 BIBELE (SSO89SO)

3. Seo re tsebang ka sona hore re a mo tseba, ke ha re boloka ditaelo tsa hae.

4. Ya reng: “Ke a mo tseba,” empa a sa boloke ditaelo tsa hae, o leshano, ha a na nnete.

5. Empa ya bolokang lentswe la hae, ke eo ruri lerato la Modimo le phethehileng ka ho yena. Sena ke seo re tsebang ka sona hore re phela ho yena.

6. Ya reng o phela ho yena, eka kgona le yena a tsamaye kamoo Jesu a neng a tsamaya kateng.

7. Baratuwa, taelo eo ke le ngollang yona hase e ntjha, empa ke taelo ya kgale, eo le bileng le yona ho tloha tshimolohong. Taelo eo ya kgale ke lentswe leo le neng le le utlwe.

8. Leha ho le jwalo, ke taelo e ntjha eo ke le ngollang yona; hoo ke nnete ka ho yena le ka ho lona, kaha lefifi le se le ntse le feta, mme lesedi la nnete le se le kganya.

9. Ya reng yena o leseding, empa a hloile ngwanabo, o sa ntsane a le lefifing le jwale.

10. Ya ratang ngwanabo o phela leseding, mme ha ho letho ka ho yena le ka mo dihelang sebeng.

11. Empa ya hloileng ngwanabo o lefifing; o tsamaya lefifing, ha a tsebe moo a yang teng, hobane lefifi leo le foufaditse mahlo a hae.

12. Bana ba ka, ke le ngollahobane le tshwaretswe dibe tsa lonaka baka la lebitso la Jesu.

1 Johanne 2