21. Ha ke a le ngolla hobane le sa tsebe nnete, empa ke hobane le e tseba, le tseba le hore ha ho leshano le ka tswang nneteng.
22. Ya leshano ke ofe, haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ya latolang Ntate le Mora ke yena Sera sa Kreste.
23. Mang le mang ya latolang Mora, o latola le yena Ntate; ya pakang Mora, o paka le yena Ntate.
24. Molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong le o boloke. Ha le ka boloka ka ho lona molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong, le lona le tla bolokeha ho Mora le ho Ntate.
25. Seo a re tshepisitseng sona ke sena: Bophelo bo sa feleng.
26. Ke le ngoletse tsena, e leng tse amanang le ba le kgelosang.
27. Empa lona le amohetse Moya o Halalelang ho yena, o ntseng o phela ka ho lona, mme ha le hloke ho rutwa ke mang kapa mang. Erekaha Moya o Halalelang o le ruta tsohle, e leng nnete, e seng leshano, phelang ka ho Kreste, jwalokaha Moya o le rutile.
28. Jwale he, bana ba ka, phelang ka ho Kreste, e le hore mohla a iponahatsang re tle re be sebete, re se ke ra ba dihlong, ra honyela, ha a se a le teng.
29. Kaha le tseba hore o lokile, le lokela ho tseba hore mang le mang ya etsang tse lokileng o tswetswe ke yena.