12. Bana ba ka, ke le ngollahobane le tshwaretswe dibe tsa lonaka baka la lebitso la Jesu.
13. Lona bo-ntate, ke le ngollahobane le tseba ya bileng tengho tloha tshimolohong.Lona bahlankana, ke le ngollahobane le hlotse E Mobe.
14. Lona bana, ke le ngoletsehobane le tseba Ntate.Lona bo-ntate, ke le ngoletsehobane le tseba ya bileng tengho tloha tshimolohong.Lona bahlankana, ke le ngoletsehobane le matla,mme le bolokilelentswe la Modimo ka ho lona,le bile le hlotse E Mobe.
15. Le se ke la rata lefatshe le tsa lona. Haeba motho a rata lefatshe, lerato la Ntate ha le yo ka ho yena,
16. hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe.
17. Lefatshe, mmoho le ditakatso tsa lona, le a fela, empa ya etsang thato ya Ntate o tla phela kamehla yohle.
18. Bana ba ka, e se e le nako ya bofelo. Kamoo le utlwileng kateng hore Sera sa Kreste se a tla, hona jwale dira tsa Kreste di se di le teng ka bongata, mme ke ka hona re tsebang hore e se e le nako ya bofelo.
19. Ke ba intshitseng ho rona, feela e ne e hlile e se ba rona, hobane hoja e ne e le ba rona, ba ka be ba ntse ba le ho rona. Jwale ba intshitse hore ho tle ho bonahatswe hore hase ba rona kaofela ha bona.
20. Empa lona le na le Moya o Halalelang oo le o neilweng ke Kreste, mme bohle le tseba nnete.
21. Ha ke a le ngolla hobane le sa tsebe nnete, empa ke hobane le e tseba, le tseba le hore ha ho leshano le ka tswang nneteng.
22. Ya leshano ke ofe, haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ya latolang Ntate le Mora ke yena Sera sa Kreste.
23. Mang le mang ya latolang Mora, o latola le yena Ntate; ya pakang Mora, o paka le yena Ntate.
24. Molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong le o boloke. Ha le ka boloka ka ho lona molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong, le lona le tla bolokeha ho Mora le ho Ntate.
25. Seo a re tshepisitseng sona ke sena: Bophelo bo sa feleng.
26. Ke le ngoletse tsena, e leng tse amanang le ba le kgelosang.
27. Empa lona le amohetse Moya o Halalelang ho yena, o ntseng o phela ka ho lona, mme ha le hloke ho rutwa ke mang kapa mang. Erekaha Moya o Halalelang o le ruta tsohle, e leng nnete, e seng leshano, phelang ka ho Kreste, jwalokaha Moya o le rutile.
28. Jwale he, bana ba ka, phelang ka ho Kreste, e le hore mohla a iponahatsang re tle re be sebete, re se ke ra ba dihlong, ra honyela, ha a se a le teng.
29. Kaha le tseba hore o lokile, le lokela ho tseba hore mang le mang ya etsang tse lokileng o tswetswe ke yena.