1 Dikgosi 9:20-28 BIBELE (SSO89SO)

20. Masalla wohle a setjhaba sa Baamore, le Bahete, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse, ao e neng e se bana ba Iseraele,

21. le bana ba bona ba ileng ba sala naheng eo, bao bana ba Iseraele ba ileng ba sitwa ho ba timetsa ho hang, Solomone o ile a ba fetola makgoba ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.

22. Empa Solomone ha a a ka a fetola bana ba Iseraele makgoba. Bona e ne e le bahlabani ba hae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le baokamedi ba mabotho a hae, le balaodi ba dikariki tsa hae tsa ntwa, le bahlabani ba palamang.

23. Baokamedi ba neng ba okamela badisa ba makgoba a neng a etsa mesebetsi ya Solomone, ba ne ba le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.

24. Hoba moradi wa Faro a falle Motseng wa Davida, a ye tlung ya hae, eo Solomone a neng a mo hahetse yona, yaba Solomone o haha Milo.

25. Hararo ka selemo Solomone o ne a ye a etse nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, a di etsetse hodima aletare eo a neng a e hahetse Morena, mme a tjhesetse le mokubetso hodima aletare yona eo ya Morena. Yaba o qeta ho haha ntlo.

26. Kgosi Solomone a haha le lebotho la dikepe Esione-Gebere, pela Elate, lebopong la Lewatle la Lehlaka, naheng ya Edomo.

27. Hirame a romela bahlanka ba hae ba tsebang ho sesisa dikepe ho ya sebetsa le bahlanka ba Solomone.

28. Ba ya naheng ya Ofire ka dikepe, ho ya lata kgauta teng. Ba tlisetsa kgosi Solomone kgauta e boima ba dikilo tse fetafetang dikete tse leshome le metso e mene.

1 Dikgosi 9