13. Jwale Hirame a re: “Ngwaneso, ke metse meng ee, eo o nneileng yona?” Yaba o e bitsa Kabule, mme le kajeno-ya-bokajeno e ntse e bitswa jwalo.
14. Hirame o ne a ile a romela kgosi Solomone kgauta e boima bo fetafetang dikilo tse dikete tse nne.
15. Kgosi Solomone o ne a ile a sebedisa makgoba hore a hahe ntlo ya Morena, le ntlo ya hae, le Milo, le lerako la Jerusalema, le Hasore, le Megido, le Gesere.
16. Faro, kgosi ya Egepeta, o ne a ile a nyoloha, a hapa Gesere, a e tjhesa ka mollo, a bolaya Bakanana ba neng ba ahile motseng oo; yaba o phahlela moradi wa hae, mosadi wa Solomone, ka motse oo.
17. Solomone a tsosa marako a Gesere, a haha le Bete-Horone e tlase,
18. le Baalate, le Tamare e lehwatateng la Juda,
19. le metse yohle ya Solomone, e nang le disiu, le metse eo ho bolokwang dikariki tsa ntwa ho yona, le metse ya bahlabani ba palamang, le tsohle tseo Solomone a neng a lakatsa ho di etsa Jerusalema, le Lebanone, le naheng yohle eo a neng a e busa.
20. Masalla wohle a setjhaba sa Baamore, le Bahete, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse, ao e neng e se bana ba Iseraele,
21. le bana ba bona ba ileng ba sala naheng eo, bao bana ba Iseraele ba ileng ba sitwa ho ba timetsa ho hang, Solomone o ile a ba fetola makgoba ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
22. Empa Solomone ha a a ka a fetola bana ba Iseraele makgoba. Bona e ne e le bahlabani ba hae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le baokamedi ba mabotho a hae, le balaodi ba dikariki tsa hae tsa ntwa, le bahlabani ba palamang.
23. Baokamedi ba neng ba okamela badisa ba makgoba a neng a etsa mesebetsi ya Solomone, ba ne ba le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.
24. Hoba moradi wa Faro a falle Motseng wa Davida, a ye tlung ya hae, eo Solomone a neng a mo hahetse yona, yaba Solomone o haha Milo.
25. Hararo ka selemo Solomone o ne a ye a etse nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, a di etsetse hodima aletare eo a neng a e hahetse Morena, mme a tjhesetse le mokubetso hodima aletare yona eo ya Morena. Yaba o qeta ho haha ntlo.
26. Kgosi Solomone a haha le lebotho la dikepe Esione-Gebere, pela Elate, lebopong la Lewatle la Lehlaka, naheng ya Edomo.