1 Dikgosi 9:1-15 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha Solomone a se a qetile ho haha ntlo ya Morena, le ntlo ya kgosi, le tsohle, tseo a neng a rata ho di etsa,

2. Morena a iponahatsa ho Solomone kgetlo la bobedi, jwalokaha a ne a iponahatse ho yena ha a le Gibeone.

3. Morena a re ho Solomone: “Ke utlwile thapelo ya hao le kopo ya hao, tseo o di entseng ho nna. Ke halaleditse ntlo ena, eo o e hahileng hore e be ya ka kamehla yohle. Ke tla e lebela, ke e boulele kamehla yohle.

4. “Haeba le wena o ka ntshebeletsa ka botshepehi le ka ho loka jwaloka Davida, ntatao, wa etsa tsohle tseo ke o laetseng tsona, mme wa boloka ditaelo tsa ka le dikahlolo tsa ka,

5. ke tla tiisa bokgosi ba hao naheng ya Iseraele kamehla yohle, jwalokaha ke ne ke tshepise Davida, ntatao, ka re: <Bokgosi ba hao bo ke ke ba hloka mohlahlami.>

6. “Empa haeba wena, kapa bana ba hao, o ka nkwenehela, wa kgaotsa ho ntshebeletsa, mme wa se ke wa boloka melao ya ka le ditaelo tsa ka, tseo ke o laetseng tsona, yaba o sebeletsa medimo e meng, o a e kgumamela,

7. ke tla falatsa Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona. Ntlo ena, eo ke e halaleditseng ho tlotla lebitso la ka, ke tla e furalla, mme Baiseraele e tla ba sesomo le pale hara ditjhaba tsohle.

8. Ntlo ena, leha e phahame hakana, e tla fetoha lesupi. Bohle ba fetang pela yona ba tla kgotsa, ba nyeketholotse, ba re: <Ke ka lebaka lang Morena a entseng naha ee tjee, le ntlo ee tjee?>

9. Ba tla be ba ikarabe, ba re: <Ke kahobane Baiseraele ba furaletse Morena Modimo wa bona, ya ileng a ntsha bo-ntata bona naheng ya Egepeta. Jwale ba kgomaretse medimo e meng, ba a e kgumamela, ba a e sebeletsa, mme ka baka lena Morena o ba tliseditse bobe bona bohle.> ”

10. Ha ho se ho fetile dilemo tse mashome a mabedi, tseo ka tsona Solomone a neng a ntse a haha matlo ana a mabedi, e leng ntlo ya Morena, le ntlo ya kgosi,

11. kgosi Solomone a nea Hirame, kgosi ya Tire, metse e mashome a mabedi naheng ya Galelea; hobane Hirame ke yena ya neng a thuse Solomone ka difate tsa dikedare, le ka difate tsa modutu, le ka kgauta, ho ya kamoo Solomone a neng a lakatsa kateng.

12. Hirame a tloha Tire, a ya bona metse eo Solomone a mo neileng yona, empa ya se ke ya mo kgotsofatsa.

13. Jwale Hirame a re: “Ngwaneso, ke metse meng ee, eo o nneileng yona?” Yaba o e bitsa Kabule, mme le kajeno-ya-bokajeno e ntse e bitswa jwalo.

14. Hirame o ne a ile a romela kgosi Solomone kgauta e boima bo fetafetang dikilo tse dikete tse nne.

15. Kgosi Solomone o ne a ile a sebedisa makgoba hore a hahe ntlo ya Morena, le ntlo ya hae, le Milo, le lerako la Jerusalema, le Hasore, le Megido, le Gesere.

1 Dikgosi 9