1 Dikgosi 8:7-19 BIBELE (SSO89SO)

7. Dikerubime tseo di ne di thathaladitse mapheo a mabedi hodima moo areka e bewang teng, a okametse areka le mefeng ya yona.

8. Mefeng e ne e hlahisitse dintlha tsa yona, hoo dintlha tseo di neng di bonahala ha motho a le ka Sehalalelong, a tobane le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, empa di ne di sa bonahale ha motho a le sebakeng se seng, mme di sa ntsane di le moo le kajeno-ya-bokajeno.

9. Ho ne ho se letho kahara areka, haese matlapa a mabedi, ao Moshe a neng a a kenye kateng ha ba le Horebe, mohla Morena a etsang selekane le bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa naheng ya Egepeta.

10. Yare ha baprista ba etswa ka Sehalalelong, leru la tlala ka Tempeleng ya Morena,

11. hoo baprista ba ileng ba sitwa ho sebeletsa, hobane tlotla ya Morena e ne e tletse ka Tempeleng ya Morena.

12. Jwale Solomone a re:“Morena o itseo tla aha fifing le letsho!

13. Jwale ke o hahetseTempele ya bodulo,baka se tsitsitsengsa bodulo ba mehla yohle.”

14. Setjhaba sohle sa Iseraele se ne se eme. Kgosi Solomone a retelehela ka ho sona, a se tadima, mme a se hlohonolofatsa sohle.

15. Yaba kgosi e re: “Ho ke ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya phethahaditseng seo a neng a se tshepise Davida, ntate, ka molomo wa hae, a re:

16. <Ho tloha mohla ke ntshang setjhaba sa ka Egepeta, ha ho motse hara merabe ya Iseraele, oo nkileng ka o kgetha hore ke hahe Tempele eo ke tla dula ho yona; ke ne ke kgethe Davida hore a buse setjhaba sa ka sa Iseraele.>

17. “E ne e le takatso ya Davida, ntate, ho hahela Morena Modimo wa Iseraele Tempele.

18. Empa Morena a re ho Davida, ntate: <O ne o lakatsa ho nkgahela Tempele, mme ke hantle ha o ile wa lakatsa jwalo.

19. Leha ho le jwalo, wena ha o ka ke wa haha Tempele eo, empa mora wa hao, ya tla tswa lethekeng la hao, ke yena ya tla nkgahela yona.>

1 Dikgosi 8