1 Dikgosi 8:61-66 BIBELE (SSO89SO)

61. Ka baka lena, le ke le tshepahale ho Morena Modimo wa rona, le tsamaye ka ditaelo tsa hae, le boloke melao ya hae jwaloka kajeno.”

62. Bo-kgosi Solomone le setjhaba sohle sa Baiseraele, ba etsetsa Morena sehlabelo.

63. Solomone a etsetsa Morena sehlabelo sa teboho ka dipholo tse dikete tse pedi le mashome a mabedi, le ka dikgutshwane tse dikete tse lekgolo le mashome a mabedi. Yaba kgosi le bana bohle ba Iseraele ba kgakola ntlo ena ya Morena.

64. Ka lona letsatsi leo, kgosi ya halaletsa le bohare ba seotlwana se kapele ho ntlo ya Morena. Solomone a etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya mafura ya teboho hona moo, hobane aletare ya lethose, e kapele ho Morena, e ne e le nyenyane hoo e neng e ke ke ya lekana dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dijo, le dinyehelo tsa mafura tsa teboho.

65. Ka yona nako eo, Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle, ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Kgorong ya Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekelwa Morena ka matsatsi a supileng, le ka matsatsi a supileng hape, ya eba matsatsi a leshome le metso e mene kaofela.

66. Ka letsatsi la borobedi Solomone a qhala setjhaba; yaba setjhaba se hlohonolofatsa kgosi Solomone, se ikela malapeng a sona se thabile, dipelo di nyakaletse ka baka la molemo wohle oo Morena a o etseditseng Davida, mohlanka wa hae, le setjhaba sa hae sa Iseraele.

1 Dikgosi 8