50. Tshwarela setjhaba sa hao se o sitetsweng, o se tshwarele ditshito tsa sona, tseo se o sitetsweng ka tsona. Etsa hore bao ba se thopileng ba be le mohau, ba se hauhele.
51. Setjhaba sena ke sa hao, ke lefa la hao; o se ntshitse Egepeta, seboping se tukang malakabe.
52. “O ke o ananele kopo ya mohlanka wa hao, le ya setjhaba sa hao sa Iseraele, mme kamehla ha se ipiletsa ho wena o se utlwe.
53. Oho, Morena Modimo, o ne o kgethe setjhaba sena hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, hore e be lefa la hao, jwalokaha o ne o bue ka Moshe, mohlanka wa hao, ha o ne o ntsha bo-ntata rona Egepeta.”
54. Ha Solomone a qetile ho rapela Morena ka thapelo ena yohle le ka kopo ena, a phahama kapele ho aletare ya Morena, moo a neng a ntse a kgumame teng, a phahamiseditse matsoho a hae lehodimong.
55. A ema, a bua ke lentswe le phahameng, a hlohonolofatsa setjhaba sohle sa Iseraele, a re:
56. “Ho bokwe Morena, ya neileng setjhaba sa hae sa Iseraele phomolo, jwalokaha a ne a tshepise. Ha ho tshepiso le e nngwe ya ditshepiso tseo a neng a di etse ka Moshe, mohlanka wa hae, e sa phethahalang.
57. Morena Modimo wa rona, a be le rona, jwalokaha a bile le bo-ntata rona; a se ke a re lahla, a re furalla.
58. A ke a sokollele dipelo tsa rona ho yena, re tsamaye ditseleng tsohle tsa hae, re boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, tseo a di laetseng bo-ntata rona.
59. Motsheare le bosiu Morena Modimo wa rona, a ke a hopole mantswe ana ao ke entseng thapelo le kopo ho yena ka wona; ka dinako tsohle a ke a be haufi le Morena Modimo wa rona, mme a nee mohlanka wa hae le setjhaba sa hae sa Iseraele toka, kamoo ho ka hlokahalang kateng ka letsatsi ka leng;
60. e le hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe hore Morena ke Modimo, mme ha ho e mong.
61. Ka baka lena, le ke le tshepahale ho Morena Modimo wa rona, le tsamaye ka ditaelo tsa hae, le boloke melao ya hae jwaloka kajeno.”