38. thapelo kapa kopo efe le efe e etswang ke motho ofe le ofe, kapa ke setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, kamoo motho ka mong a kgwebethwang ke letswalo la hae kateng, eba o otlollela matsoho a hae tlung ena,
39. o utlwe o le leahong la hao le lehodimong, o ba tshwarele, o ba thuse. Motho ka mong o mo putse ho ya ka diketso tsa hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng, hobane ke wena, mme ke wena feela, ya tsebang dipelo tsa batho bohle;
40. ba tle ba o tshabe ka matsatsi wohle ha ba ntse ba phela naheng eo o neng o e nee bo-ntata bona.
41. “Le moditjhaba eo e seng wa setjhaba sa hao sa Iseraele, o tla tla ka baka la lebitso la hao, a etswa naheng e hole,
42. hobane baditjhaba ha ba utlwa botumo ba hao, le matla a hao, le thuso ya hao, ba tla tla tlung ena ba tlo rapela.
43. O utlwe o le leahong la hao le lehodimong, moditjhaba eo o mo etsetse tsohle tseo a di kopang ho wena, e le hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, di o tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; di be di tsebe le hore ntlo ena eo ke e hahileng e bitswa ka wena.
44. “Ha setjhaba sa hao se futuhela dira tsa sona, hohle moo o ka se romelang teng, mme se rapela se tadimile motseng oo o o kgethileng, le tlung ena eo ke o hahetseng yona,
45. o utlwe thapelo ya sona le kopo ya sona o le lehodimong, o se lwanele.
46. “Haeba ba o sitelwa, hobane ha ho motho ya sa sitweng, o tla ba halefela, o neelane ka bona ho dira tsa bona, hore di ba hape, e be bathopuwa, di ba ise naheng ya tsona e hole kapa e haufi.
47. Empa ha ekare ha ba le naheng eo ba isitsweng ho yona e le bathopuwa, ba baka, mme hona moo naheng eo ya bathopi ba bona, ba o kopa, ba re: <Re sitilwe, re kgelohile, re entse bakgopo,>
48. mme ba kgutlela ho wena ka dipelo tsa bona tsohle, le ka meya ya bona yohle ha ba ntse ba le naheng eo ya dira tsa bona, tse ileng tsa ba etsa bathopuwa; ba o rapela ba tadimile naheng ena ya bona, eo o neng o e nee bo-ntata bona, le motseng ona oo o o kgethileng, le tlung ena eo ke o hahetseng yona,
49. o utlwe thapelo ya bona, le kopo ya bona, o le leahong la hao le lehodimong, mme o ba lwanele.
50. Tshwarela setjhaba sa hao se o sitetsweng, o se tshwarele ditshito tsa sona, tseo se o sitetsweng ka tsona. Etsa hore bao ba se thopileng ba be le mohau, ba se hauhele.
51. Setjhaba sena ke sa hao, ke lefa la hao; o se ntshitse Egepeta, seboping se tukang malakabe.
52. “O ke o ananele kopo ya mohlanka wa hao, le ya setjhaba sa hao sa Iseraele, mme kamehla ha se ipiletsa ho wena o se utlwe.
53. Oho, Morena Modimo, o ne o kgethe setjhaba sena hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, hore e be lefa la hao, jwalokaha o ne o bue ka Moshe, mohlanka wa hao, ha o ne o ntsha bo-ntata rona Egepeta.”
54. Ha Solomone a qetile ho rapela Morena ka thapelo ena yohle le ka kopo ena, a phahama kapele ho aletare ya Morena, moo a neng a ntse a kgumame teng, a phahamiseditse matsoho a hae lehodimong.