26. Jwale oho, Morena Modimo wa Iseraele, ke a o rapela: Tshepiso ya hao, eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, e ke e phethahatswe.
27. “Empa na ruri Modimo o tla hle a ahe lefatsheng? Bona, esita le lehodimo la mahodimo ha le a o lekana; ebe jwale Tempele ee, e hahilweng ke nna, yona e ka o lekana jwang?
28. Leha ho le jwalo, oho, Morena Modimo wa ka, ako mamele thapelo ya mohlanka wa hao, le kopo ya hae, o utlwe sello le thapelo, e leng tseo mohlanka wa hao a o rapelang ka tsona kajeno.
29. Bosui le motsheare mahlo a hao a ke a lebele ntlo ena, e leng sebaka seo o buileng ka sona, wa re: <Nna ke tla ba teng mona.> Ako utlwe thapelo eo mohlanka wa hao a tla e etsa a le sebakeng sena.
30. “Ako mamele kopo ya mohlanka wa hao, le ya setjhaba sa hao sa Iseraele, ha se rapela se le sebakeng sena. Mamela o le leahong la hao le lehodimong, mme ha o utlwa o se tshwarele.
31. “Ha motho a sitelwa wa habo, mme ho thwe a hlapanye kapele ho aletare ya hao, ka tlung ena,
32. o utlwe o le lehodimong, mme o ahlolele bahlanka ba hao; o tswe ya kgopo, o mo jarise molato wa hae; o lokolle ya se nang molato, o mo ahlolele ho ya ka ho hloka molato ha hae.
33. “Ha setjhaba sa hao sa Iseraele se hlolwa ke dira, kahobane se o sitetswe, mme eba se kgutlela ho wena, se tlotlisa lebitso la hao, se o rapela, se o kopa se le ka tlung ena,
34. o se utlwe o le lehodimong, mme o tshwarele setjhaba sa hao sa Iseraele sebe sa sona, o se kgutlisetse naheng eo o neng o e nee bo-ntata sona.
35. “Ha letsatsi le eme, pula e sa ne, hobane setjhaba sa hao se o sitetswe, mme eba se o rapela se le ka tlung ena, se tlotlisa lebitso la hao, se furalla sebe sa sona ha o se otla,
36. o se utlwe o le lehodimong, mme o tshwarele bahlanka ba hao, e leng setjhaba sa hao sa Iseraele, sebe sa bona. Ako ba rute tsela e lokileng, eo ba tla tsamaya ka yona. Naha ya hao, eo o e neileng setjhaba sa hao hore e be lefa la sona, o e nesetse pula.
37. “Haeba naha e ena le sekoboto, ho ena le lefu la sewa, lebabo, boroku, ditsie, kapa bookgolane; eba dira tsa setjhaba sena di etsetsa metse ya sona thibella; leha ho ka ba le sewa sefe le sefe, kapa malwetse afe le afe;
38. thapelo kapa kopo efe le efe e etswang ke motho ofe le ofe, kapa ke setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, kamoo motho ka mong a kgwebethwang ke letswalo la hae kateng, eba o otlollela matsoho a hae tlung ena,
39. o utlwe o le leahong la hao le lehodimong, o ba tshwarele, o ba thuse. Motho ka mong o mo putse ho ya ka diketso tsa hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng, hobane ke wena, mme ke wena feela, ya tsebang dipelo tsa batho bohle;