15. Yaba kgosi e re: “Ho ke ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya phethahaditseng seo a neng a se tshepise Davida, ntate, ka molomo wa hae, a re:
16. <Ho tloha mohla ke ntshang setjhaba sa ka Egepeta, ha ho motse hara merabe ya Iseraele, oo nkileng ka o kgetha hore ke hahe Tempele eo ke tla dula ho yona; ke ne ke kgethe Davida hore a buse setjhaba sa ka sa Iseraele.>
17. “E ne e le takatso ya Davida, ntate, ho hahela Morena Modimo wa Iseraele Tempele.
18. Empa Morena a re ho Davida, ntate: <O ne o lakatsa ho nkgahela Tempele, mme ke hantle ha o ile wa lakatsa jwalo.
19. Leha ho le jwalo, wena ha o ka ke wa haha Tempele eo, empa mora wa hao, ya tla tswa lethekeng la hao, ke yena ya tla nkgahela yona.>
20. “Jwale Morena o phethahaditse polelo eo a neng a e bue. Ke tswetswe tlung ya Davida, ntate; ke dutse teroneng ya Iseraele jwalokaha Morena a ne a tshepise, mme ke hahetse Morena Modimo wa Iseraele Tempele.
21. Ke lokisitse sebaka sa areka, moo ho bolokilweng selekane sa Morena, seo a neng a se etse le bo-ntata rona, ha a ne a ba ntsha naheng ya Egepeta.”
22. Yaba Solomone o ema kapele ho aletare ya Morena, moo setjhaba sohle sa Baiseraele se ntseng se bona, o phahamisetsa matsoho a hae lehodimong,
23. mme a re: “Morena Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo ya kang wena hodimo lehodimong, kapa tlase lefatsheng, ya bolokang selekane le bahlanka ba hae, a ba bontshe mohau ha ba mo tshepa ka dipelo tsa bona tsohle.
24. O bolokile tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate. O bile o ne o bue ka molomo wa hao, mme ka letsatsi lena o e phethahaditse ka matla a hao.
25. “Jwale ka baka leo, wena Morena Modimo wa Iseraele, ako boloke tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, wa re: <Haeba bana ba hao ba ka ba le boitshwaro, metsamao ya bona ya nkgahla, mme ba tshepahala ka dipelo tsa bona tsohle, le ka moya wa bona wohle, jwalokaha o ile wa etsa, terone ya Iseraele e ke ke ya hloka mohlahlami.>
26. Jwale oho, Morena Modimo wa Iseraele, ke a o rapela: Tshepiso ya hao, eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, e ke e phethahatswe.
27. “Empa na ruri Modimo o tla hle a ahe lefatsheng? Bona, esita le lehodimo la mahodimo ha le a o lekana; ebe jwale Tempele ee, e hahilweng ke nna, yona e ka o lekana jwang?
28. Leha ho le jwalo, oho, Morena Modimo wa ka, ako mamele thapelo ya mohlanka wa hao, le kopo ya hae, o utlwe sello le thapelo, e leng tseo mohlanka wa hao a o rapelang ka tsona kajeno.
29. Bosui le motsheare mahlo a hao a ke a lebele ntlo ena, e leng sebaka seo o buileng ka sona, wa re: <Nna ke tla ba teng mona.> Ako utlwe thapelo eo mohlanka wa hao a tla e etsa a le sebakeng sena.
30. “Ako mamele kopo ya mohlanka wa hao, le ya setjhaba sa hao sa Iseraele, ha se rapela se le sebakeng sena. Mamela o le leahong la hao le lehodimong, mme ha o utlwa o se tshwarele.