1 Dikgosi 8:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale Solomone a kgobokanya baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsohle tsa merabe, le mahosana a malapa a bana ba Iseraele. Bohle ba tla Jerusalema ho kgosi Solomone, hore ba tlo nyolla areka ya selekane, e tswe Motseng wa Davida, e leng Sione.

2. Banna bohle ba Baiseraele ba kgobokanela ho kgosi Solomone, mohla mokete, ka kgwedi ya Mphalane, e leng kgwedi ya bosupa.

3. Baholo bohle ba Baiseraele ba tla, mme baprista ba nka areka.

4. Baprista le Balevi ba nyolla areka ya Morena, le Tente ya Morena, le dintho tsohle tse halalelang, tse neng di le ka Tenteng ya Morena.

5. Bo-kgosi Solomone le setjhaba sohle sa Iseraele se neng se kgobokanetse ho yena, ba ema kapele ho areka, ba etsa mahlabelo ka dinku le ka dipholo tse ngata hoo di neng di ke ke tsa balwa.

6. Baprista ba tlisa areka ya selekane sa Morena ka Tempeleng, ba e bea ditulong tsa yona, ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, tlasa mapheo a dikerubime.

7. Dikerubime tseo di ne di thathaladitse mapheo a mabedi hodima moo areka e bewang teng, a okametse areka le mefeng ya yona.

8. Mefeng e ne e hlahisitse dintlha tsa yona, hoo dintlha tseo di neng di bonahala ha motho a le ka Sehalalelong, a tobane le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, empa di ne di sa bonahale ha motho a le sebakeng se seng, mme di sa ntsane di le moo le kajeno-ya-bokajeno.

9. Ho ne ho se letho kahara areka, haese matlapa a mabedi, ao Moshe a neng a a kenye kateng ha ba le Horebe, mohla Morena a etsang selekane le bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa naheng ya Egepeta.

10. Yare ha baprista ba etswa ka Sehalalelong, leru la tlala ka Tempeleng ya Morena,

11. hoo baprista ba ileng ba sitwa ho sebeletsa, hobane tlotla ya Morena e ne e tletse ka Tempeleng ya Morena.

1 Dikgosi 8