1 Dikgosi 7:48-51 BIBELE (SSO89SO)

48. Solomone a etsa thepa yohle ya Tempele ya Morena: aletare ya kgauta, le tafole ya kgauta, moo ho neng ho bewa bohobe bo halalelang,

49. le didulwana tsa mabone tsa kgauta e hlwekileng, tse beilweng kapele ho Sehalalelo; tse hlano tsa didulwana di le ka letsohong le letona, tse hlano ka ho le letshehadi; le dipalesa, le mabone, le matlao a kgauta;

50. le dikotlolo, le ditimamabone, le matlao, le dikgaba, le dipitsana tsa mokubetso tsa kgauta e hlwekileng, le dihokelo tsa kgauta tsa mamati a Sehahalelo sa halalelang ka ho fetisisa, le tsa mamati a ntlo, e leng Tempele.

51. Yaba mosebetsi wohle, oo kgosi Solomone a neng a o etsetsa Tempele ya Morena, o a phethwa. Jwale Solomone a kenya dintho tsohle tseo ntatae Davida a neng a di abetse Morena: silefera, le kgauta, le dijana, mme tsena a di bea hara matlotlo a Tempele ya Morena.

1 Dikgosi 7