1 Dikgosi 6:3-14 BIBELE (SSO89SO)

3. Bolelele ba lethule le kapele ho Tempele e ne e le dimethara tse nne le halofo, bophara ba lona e le dimethara tse robong, ho lekana le bophara ba Sehalalelo.

4. Tempele ena a e etsetsa difesetere tse nang le lesira la mapolanka.

5. Kantle ho Tempele a haha dikamore tse nang le disolloro tse tharo, tse hlomathisitsweng marakong a Tempele ho e potapota.

6. Bophara ba solloro e katlasetlase e ne e le dimethara tse ka bang pedi le halofo, bophara ba e hare e le dimethara tse ka bang tharo, mme bophara ba e kahodimodimo e le dimethara tse ka bang nne. Bophara ba lerako la Tempele bo ne bo sesefala ha lerako le ntse le eya hodimo, kaha le ne le siile dikgetshe tse tla tshehetsa difate tsa solloro, hore di se ke tsa hahellwa lerakong la Tempele.

7. Tempele e ne e hahilwe ka majwe a ileng a betlelwa moo a tjhekilweng teng, e le hore ho se be lerata la noto, kapa la tjhesele, kapa la tshepe efe le efe le ka utlwahalang ka Tempeleng ha e ntse e hahuwa.

8. Monyako wa solloro e katlasetlase o ne o le ka letsohong le letona la Tempele. Batho ba ne ba nyoloha ka mehato e itswapang ho ya kena sollorong ya bobedi, mme ba tswe ho eo ya bobedi, ba yo kena ho ya boraro.

9. Ha Solomone a se a qetile ho haha lerako la Tempele, a e fera ka difate, a e rulela ka mapolanka a kedare.

10. Jwale a hlomathisa disolloro, tsa hahellwa lerakong la Tempele, ho e potapota; bophahamo ba e nngwe le e nngwe ya disolloro e le dimethara tse ka bang tharo, mme disolloro tsa kopanngwa le lerako ka difate tsa kedare.

11. Yaba lentswe la Morena le fihla ho Solomone, le re:

12. “Ha e le mona o haha Tempele ena, tseba hore haeba o ka tsamaya ho ya ka ditsela tsa ka, wa phethahatsa dikahlolo tsa ka, wa boloka melao ya ka, wa tsamaya ka yona, nna ke tla phethahatsa tshepiso ya ka ho wena, eo ke neng ke e etsetse Davida, ntatao.

13. Ke tla phela hara bana ba Iseraele, mme nke ke ka furalla setjhaba sa ka sa Iseraele.”

14. Yaba Solomone o haha Tempele, o a e qeta.

1 Dikgosi 6