1 Dikgosi 6:13-23 BIBELE (SSO89SO)

13. Ke tla phela hara bana ba Iseraele, mme nke ke ka furalla setjhaba sa ka sa Iseraele.”

14. Yaba Solomone o haha Tempele, o a e qeta.

15. Ho tloha moralong wa Tempele, ho ya fihla marulelong a yona, mabota a manehwa mapolanka a kedare, mme fatshe ho Tempele teng ha kokotellwa mapolanka a sefate sa modutu.

16. Motsheo ho Tempele a haha motero ka mapolanka a kedare, a o haha ho tloha fatshe ho ya fihla marulelong. Bophahamo ba wona e ne e le dimethara tse robong, o sireleditse Sehalalelo le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.

17. Bolelele ba Tempele, bo ka kwano ho motero, e ne e le dimethara tse leshome le metso e robedi.

18. Mapolanka a kedare, a maboteng a kahare, a ne a betlilwe, ho entswe ditholwa le dithunthung. Mabota a ne a kwahetswe ka kedare, ho se na lejwe le bonahalang.

19. Motsheotsheo ho Tempele a haha Sehalalelo, kamoo ho tla bolokwa areka ya selekane sa Morena kateng.

20. Bolelele ba Sehalalelo sena e ne e le dimethara tse robong, bophara e le dimethara tse robong, bophahamo e le dimethara tse robong, mme se manehilwe kgauta e hlwekileng. Le aletare ya mapolanka a kedare a e maneha kgauta.

21. Solomone a maneha bokahare ba Tempele ka kgauta e hlwekileng; monyakong o kenang ka Sehalalelong se halalelang ka ho fitisisa, se neng se manehilwe kgauta le sona, a etsa lesira ka diketane tsa kgauta.

22. Bokahare bohle ba Tempele a bo maneha kgauta ho fihlela mabota wohle a kwahelehile. Le aletare yohle, e neng e le pela Sehalalelo, a e maneha kgauta.

23. Ka Sehalalelong a etsa dikerubime tse pedi ka sefate sa mohlwaare, bophahamo ba kerubime ka nngwe bo fetafeta dimethara tse nne.

1 Dikgosi 6