1. Hoba Hirame, kgosi ya Tire, a utlwe hore Solomone o tlotseditswe ho ba kgosi sebakeng sa ntatae, a roma bahlanka ba hae ho Solomone, hobane yena le Davida e ne e le metswalle ka nako yohle ya ho phela ha Davida.
2. Solomone a romela molaetsa ho Hirame, a re:
3. “O a tseba hore Davida, ntate, o ile a sitwa ho hahela Morena Modimo wa hae ntlo, ka baka la dira tse neng di mo futuhela kamahohle, ho fihlela ha Morena a entse hore a hlole dira tseo.
4. Jwale Morena Modimo wa ka, o mphile kgotso kahohle; ha ho sera, ha ho tsietsi.
5. Ka baka leo, ke hopola ho hahela Morena Modimo wa ka ntlo, jwalokaha Morena a ile a bua ho Davida, ntate, a re: <Mora wa hao, eo ke tla mmea teroneng ya hao ho o hlahlama, ke yena ya tla nkgahela ntlo.>
6. “Ka hona ako laele hore ke romelwe difate tsa dikedare tsa Lebanone. Bahlanka ba ka ba tla sebetsa le ba hao. Ke tla lefa bahlanka ba hao kamoo wena o tla bolela kateng. O a tseba hore hara batho ba ka ha ho le ya mong ya ka remang difate hantle jwaloka batho ba Sidone.”
7. Ha Hirame a utlwa mantswe ana a Solomone, a thaba haholo, a ba a re: “Kajeno ho bokwe Morena, yena ya neileng Davida mora ya bohlale, hore a buse setjhabahadi sena.”
8. Yaba Hirame o romela molaetsa ho Solomone, o re: “Ke utlwile molaetsa wa hao; ke tla etsa kamoo o lakatsang kateng, ke o romele difate tsa dikedare le tsa modutu.