23. dipholo tse leshome tse nontshitsweng, le dipholo tse mashome a mabedi tse tswang makgulong, le dinku tse lekgolo, ho sa balwe dikgama, le ditshepe, le matsa, le dikgoho.
24. Solomone o ne a busa naha yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, ho tloha Tifesa, ho ya fihla Gasa; a busa le dikgosi tsohle tsa naha eo. O ne a phedisana ka kgotso le ditjhaba tsohle tseo a neng a ahelane le tsona.
25. Pusong yohle ya Solomone, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, ba morabe wa Juda le wa Iseraele ba ne ba phela ka kgotso, motho ka mong a dula tlasa sefate sa hae sa morara, kapa sa feiye.
26. Solomone o ne a ena le dijelo tse dikete tse mashome a mane tsa dipere tse hulang dikariki tsa hae tsa ntwa; le bahlabani ba palamang ba dikete tse leshome le metso e mmedi.
27. E mong le e mong wa babusi ba ditereke o ne a tlisetsa kgosi Solomone dijo ka kgwedi eo a e kgethetsweng, mme ho sa haelle letho.
28. Mmusi ka mong, ho ya kamoo a laetsweng kateng, o ne a isa harese le seteroi moo di hlokwang teng, e le dijo tsa dipere tse hulang dikariki tsa ntwa, le tse palangwang.