1 Dikgosi 4:1-16 BIBELE (SSO89SO)

1. Kgosi Solomone e ne e le kgosi ya Iseraele yohle.

2. Baokamedi ba mesebetsi ya hae e ne e le bana: Asariya, mora wa Sadoke, e ne e le moprista;

3. Elehorefe le Ahiya, bara ba Shisha, e ne e le bangodi; Jehoshafate, mora wa Ahilode, e le mongodi wa diketsahalo;

4. Benaya, mora wa Jehoyada, e le molaodi wa mabotho; Sadoke le Abiatare e le baprista;

5. Asariya, mora wa Nathane, e le mookamedi wa babusi ba ditereke; moprista Sabude, mora wa Nathane, e ne e le sephatho sa kgosi;

6. Ahishare e le mookamedi wa lelapa la kgosi; Adonirame, mora wa Abada, yena e le mookamedi wa makgoba.

7. Solomone o ne a ena le babusi ba ditereke ba leshome le metso e mmedi naheng ya Iseraele, ba neng ba tlisetsa kgosi le lelapa la yona dijo. Mmusi ka mong o ne a ena le kgwedi eo ka yona a tlisetsang kgosi dijo.

8. Mabitso a bona ke ana: Mora wa Hure o ne a le naheng e maralla ya Efraime;

9. mora wa Dekere a le Makase, le Shaalebime, le Bete-Shemeshe, le Elone e Bete-Hanane;

10. mora wa Hesede a le Arubote, a okametse Soko le naha yohle ya Hefere;

11. mora wa Abinadabe, ya neng a nyetse Tafate, moradi wa Solomone, a okametse ditereke tsohle tsa Dore.

12. Baana, mora wa Ahilode, o ne a okametse Taanake le Megido, le Bete-Sheane yohle e haufi le Saretane, tlasa Jesereele, ho tloha Bete-Sheane ho ya fihla Abele-Mehola, le ho ya fihla ka nqane ho Jokoneame.

13. Mora wa Gebere a le Rama e Gileade, o ne a okametse metse ya Jaire, mora wa Manase. Metse eo e ne e le Gileade. O ne a bile a okametse Aregobe e Bashane. Kaofela e ne e le metse e mashome a tsheletseng, e meholo, e nang le marako, le mekwallo ya lethose.

14. Ahinadabe, mora wa Ido, a le Mahanaime;

15. Ahimase, ya neng a nyetse moradi e mong wa Solomone, ya bitswang Basemate, a le naheng ya Nafthali.

16. Baana, mora wa Hushai, o ne a le Ashere le Alote;

1 Dikgosi 4