6. Kgosi ya Iseraele ya kgobokanya baporofeta ba ka bang makgolo a mane, ya re ho bona: “Na nka futuhela Rama e Gileade kapa tjhe?”Ba re: “Futuha, hobane Morena o tla neelana ka yona matsohong a kgosi.”
7. Empa Jehoshafate a re: “Na ekaba moo ha ho sa na moporofeta e mong wa Morena, eo re ka mmotsang?”
8. Kgosi ya Iseraele ya araba Jehoshafate, ya re: “Ho sa na le monna e mong hape, eo re ka reng a re botsetse ho Morena. Ke Mmikiya, mora wa Jimela, empa ke mo hloile, hobane ha a ke a mporofetela tse molemo, o mporofetela tse mpe.”Jehoshafate a re: “Kgosi e se ke ya bua jwalo.”
9. Jwale kgosi ya Iseraele ya bitsa e mong wa matona, ya re ho yena: “Potlaka o mpitsetse Mmikiya mora wa Jimela!”
10. Kgosi ya Iseraele le Jehoshafate, kgosi ya Juda, ba ne ba apere diaparo tsa bona tsa bokgosi, ba dutse diteroneng tsa bona, seotlong se kantle ho kgoro ya motse wa Samaria, mme baporofeta bohle ba porofeta ba le kapele ho bona.
11. Sedekiya, mora wa Kenaneya, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, mme a re: “Morena o bua tjena: <Ka dinaka tsena o tla sututsa Baarame, ho fihlela o ba timetsa.> ”