1 Dikgosi 22:45-53 BIBELE (SSO89SO)

45. Diketso tse ding tsa Jehoshafate, le tsa bonatla ba hae, le tsa dintwa tseo a ileng a di lwana, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.

46. Banna ba neng ba kgethetswe ho etsetsa bohlola ka dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba neng ba sale mehleng ya ntatae, a ba hleka kahara naha.

47. Ho ne ho se kgosi Edomo, ho busa motshwaredi.

48. Kgosi Jehoshafate a haha dikepe tsa kgwebo hore di tle di yo lata kgauta Ofire, empa tsa se ke tsa finyella, hobane di ile tsa pshatlwa ke difefo Esione-Gebere.

49. Yaba Akasiya, mora wa Akabe, o re ho Jehoshafate: “Ere bahlanka ba ka ba tsamaye le bahlanka ba hao ka dikepe.” Empa Jehoshafate a hana.

50. Jehoshafate a shwa, a epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida, ntataemoholo. Mora wa hae, Jehorame, a mo hlahlama.

51. Ka selemo sa leshome le metso e supileng sa puso ya Jehoshafate, kgosi ya Juda, Akasiya, mora wa Akabe, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. O ile a busa naha ya Iseraele ka dilemo tse pedi.

52. A etsa bobe mahlong a Morena. A tsamaya mehlaleng ya ntatae le ya mmae, le ya Jeroboame, mora wa Nebate, ya ileng a etsa hore Baiseraele ba sitelwe Morena.

53. A sebeletsa Baale, mme a mo kgumamela, a halefisa Morena Modimo wa Iseraele, jwalokaha ntatae a ile a etsa.

1 Dikgosi 22