38. Ba ya hlatswa kariki ya kgosi letshaneng la Samaria, dintja tsa qapha madi a yona, le diotswa tsa tolla letshaneng leo, ho ya ka polelo eo Morena a neng a e bolele.
39. Diketso tse ding tsa Akabe, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa ntlo eo a ileng a e haha ka manaka a tlou, le tsa metse yohle eo a ileng a e haha, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.
40. Akabe a shwa, a ikela ho bo-ntatae. Akasiya, mora wa hae, a mo hlahlama.
41. Ka selemo sa bone sa puso ya Akabe, kgosi ya Iseraele, Jehoshafate, mora wa Asa, a qala ho busa naha ya Juda.
42. Jehoshafate o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Asuba, moradi wa Shilehi.
43. A tsamaya mehlaleng ya ntatae Asa, a se ke a e kgeloha. A kgahlisa Morena. Leha ho le jwalo, dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ha di a ka tsa fediswa. Setjhaba sa nna sa etsetsa dinyehelo, le ho tjhesetsa mokubetso ho tsona.
44. Jehoshafate a phedisana ka kgotso le kgosi ya Iseraele.
45. Diketso tse ding tsa Jehoshafate, le tsa bonatla ba hae, le tsa dintwa tseo a ileng a di lwana, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.
46. Banna ba neng ba kgethetswe ho etsetsa bohlola ka dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba neng ba sale mehleng ya ntatae, a ba hleka kahara naha.
47. Ho ne ho se kgosi Edomo, ho busa motshwaredi.
48. Kgosi Jehoshafate a haha dikepe tsa kgwebo hore di tle di yo lata kgauta Ofire, empa tsa se ke tsa finyella, hobane di ile tsa pshatlwa ke difefo Esione-Gebere.