11. Sedekiya, mora wa Kenaneya, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, mme a re: “Morena o bua tjena: <Ka dinaka tsena o tla sututsa Baarame, ho fihlela o ba timetsa.> ”
12. Baporofeta bohle ba porofeta jwalo, ba re: “Futuhela Rama e Gileade mme o tla atleha, hobane Morena o tla neelana ka yona matsohong a kgosi.”
13. Moromuwa ya neng a ilo bitsa Mmikiya a bua ho yena, a re: “Ako bone, baporofeta bana ba ntsweleng, ha ba bolella kgosi taba tse molemo. Le wena ako bue jwaloka bona, o bolele tse molemo.”
14. Empa Mmikiya a re: “Ka Morena ya phelang, ke tla bua feela tseo Morena a mpolellang tsona!”
15. Ha Mmikiya a fihla ho kgosi, kgosi ya re ho yena: “Mmikiya, na re ka futuhela Rama e Gileade, kapa tjhe?”Mmikiya a mo araba, a re: “E futuheleng, mme le tla atleha, hobane Morena o tla neelana ka yona matsohong a kgosi.”
16. Empa kgosi ya re ho yena: “Eka kgona ke o laele hakae hore o se mpolelle letho, haese nnete feela, ka lebitso la Morena?”
17. Mmikiya a re:“Ke bona Baiseraele bohleba qhalakane hodima dithaba,jwaloka dinku tse se nang modisa,mme Morena o re:<Bana ha ba na monga bona:Motho ka monga ipoelle ha hae ka kgotso.> ”
18. Yaba kgosi ya Iseraele e re ho Jehoshafate: “Na ha ke a ka ka o bolella hore a ke ke a mporofetela tse molemo, haese tse mpe feela?”
19. Mmikiya a tswela pele, a re: “Ka baka leo he, utlwa lentswe la Morena: Ke bone Morena a dutse teroneng ya hae, mme mabotho wohle a lehodimo a eme pela hae, ka letsohong la hae le letona le ka ho le letshehadi.
20. Morena a botsa, a re: <Ke mang ya tla qhekanyetsa Akabe hore a futuhe, a tle a yo bolaelwa Rama e Gileade?> E mong a bua tjena, e mong a bua tjena.
21. “Jwale moya o mong o thetsang wa tswa hara lebotho la Morena, wa bua, wa re: <Ke nna ya tla mo qhekanyetsa!>
22. “Morena a re ho wona: <Jwang?>“Wa araba, wa re: <Ke tla ya, ke rute baporofeta bohle ba hae ho bua leshano.>“Morena a re: <O tla mo qhekanyetsa, o be o atlehe. Tsamaya, o yo etsa jwalo!>