1. Ka dilemo tse tharo kgotso ya eba teng pakeng tsa Arame le Iseraele.
2. Ka selemo sa boraro Jehoshafate, kgosi ya Juda, a theohela ho kgosi ya Iseraele.
3. Kgosi ya Iseraele ya re ho bahlanka ba yona: “Na le a tseba hore Rama e Gileade ke ya rona, empa re kgutsitse, ha re e amohe kgosi ya Arame?”
4. Yaba o re ho Jehoshafate: “Na o tla ya le nna, re futuhele Rama e Gileade?”Jehoshafate a re ho kgosi ya Iseraele: “Rona le wena re ntho e le nngwe. Setjhaba sa ka ke setjhaba sa hao; dipere tsa ka ke dipere tsa hao.”
5. Jehoshafate a boela a re ho kgosi ya Iseraele: “Ke a o kopa: Ako botse Morena pele.”
6. Kgosi ya Iseraele ya kgobokanya baporofeta ba ka bang makgolo a mane, ya re ho bona: “Na nka futuhela Rama e Gileade kapa tjhe?”Ba re: “Futuha, hobane Morena o tla neelana ka yona matsohong a kgosi.”
7. Empa Jehoshafate a re: “Na ekaba moo ha ho sa na moporofeta e mong wa Morena, eo re ka mmotsang?”
8. Kgosi ya Iseraele ya araba Jehoshafate, ya re: “Ho sa na le monna e mong hape, eo re ka reng a re botsetse ho Morena. Ke Mmikiya, mora wa Jimela, empa ke mo hloile, hobane ha a ke a mporofetela tse molemo, o mporofetela tse mpe.”Jehoshafate a re: “Kgosi e se ke ya bua jwalo.”