1 Dikgosi 21:5-17 BIBELE (SSO89SO)

5. Empa mosadi wa hae, Jesabele, a kena kamoo a leng kateng, a re ho yena: “Ke ka baka lang o hlonameng hakaale, o hanang le ho ja?”

6. Akabe a re ho yena: “Ke hobane ke ile ka bua le Nabote wa Mojesereele, ka re ho yena: <Nthekisetse tshimo ya hao ka tjhelete; kapa haeba o rata, ke tla o nea tshimo e nngwe ya morara bakeng sa yona.> Yena a nkaraba, a re: <Nke ke ka o nea tshimo ya ka ya morara.> ”

7. Jesabele, mosadi wa hae, a re ho yena: “Na hase wena ya busang naha ya Iseraele? Tsoha, o je, o nyakalle. Ke tla o nea tshimo eo ya morara ya Nabote wa Mojesereele.”

8. Yaba Jesabele o ngola mangolo lebitsong la Akabe, a ba a a hatisa ka letshwao la hae. Mangolo ana a a romela ho baholo le mahosana a ahileng le Nabote motseng oo wa habo.

9. Mangolong ao o ne a ngotse, a itse: “Phatlalatsang tsatsi la ho itima dijo, mme hara setjhaba sohle Nabote a bewe setulong se ka sehloohong.

10. Malebana le yena le bee banna ba babedi, ba kgopo, ba tle ba mo qose, ba re: <Wena, Nabote, o ile wa nyefola Modimo le kgosi!> Jwale lona le mo hulanyetse kantle ho motse, le mo tlepetse ka majwe a be a shwe.”

11. Banna ba motse oo wa habo Nabote, e leng baholo le mahosana, bao e neng e le baahi ba motse oo, ba phetha taelo eo Jesabele a neng a ba rometse yona, jwalokaha e ne e ngotswe mangolong ao a neng a ba rometse wona.

12. Ba fela ba phatlalatsa letsatsi la ho itima dijo, mme Nabote a bewa setulong se ka sehloohong hara setjhaba.

13. Jwale banna ba babedi, ba kgopo, ba fihla ba dula kapele ho yena, ba mo qosa kapele ho setjhaba, ba re: “Nabote o ile a nyefola Modimo le kgosi!” Yaba ba hulanyetsa Nabote kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa.

14. Ba romela molaetsa ho Jesabele, ba re: “Nabote o tlepeditswe ka majwe, o shwele!”

15. Ha Jesabele a utlwa hore Nabote o tlepeditswe ka majwe, mme o shwele, a re ho Akabe: “Tsoha, o inkele tshimo ya morara ya Nabote wa Mojesereele, eo a ileng a hana ho o rekisetsa yona ka tjhelete, hobane Nabote e se e le mofu.”

16. Ha Akabe a utlwa hore Nabote o shwele, a ema, a theohela tshimong ya morara ya Nabote wa Mojesereele, a inkela yona.

17. Jwale lentswe la Morena la fihla ho Elia wa Tishebe, la re:

1 Dikgosi 21