12. Ba fela ba phatlalatsa letsatsi la ho itima dijo, mme Nabote a bewa setulong se ka sehloohong hara setjhaba.
13. Jwale banna ba babedi, ba kgopo, ba fihla ba dula kapele ho yena, ba mo qosa kapele ho setjhaba, ba re: “Nabote o ile a nyefola Modimo le kgosi!” Yaba ba hulanyetsa Nabote kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa.
14. Ba romela molaetsa ho Jesabele, ba re: “Nabote o tlepeditswe ka majwe, o shwele!”
15. Ha Jesabele a utlwa hore Nabote o tlepeditswe ka majwe, mme o shwele, a re ho Akabe: “Tsoha, o inkele tshimo ya morara ya Nabote wa Mojesereele, eo a ileng a hana ho o rekisetsa yona ka tjhelete, hobane Nabote e se e le mofu.”
16. Ha Akabe a utlwa hore Nabote o shwele, a ema, a theohela tshimong ya morara ya Nabote wa Mojesereele, a inkela yona.
17. Jwale lentswe la Morena la fihla ho Elia wa Tishebe, la re:
18. “Ema, o theohele Samaria ho Akabe, kgosi ya Iseraele. O tshimong ya morara ya Nabote, moo a theohetseng teng ho ya inkela yona.
19. O tle o fihle o re ho yena: <Morena o bua tjena: Na o fela o bolaile Nabote, o bile o inketse tshimo ya hae?> O boele o re ho yena: <Morena o bua tjena: Hona moo, moo dintja di ileng tsa qaphela madi a Nabote hona teng, le wena madi a hao di tla a qaphela hona teng.> ”
20. Akabe a re ho Elia: “Wa mphumana, wena sera sa ka!”Elia a re: “E, ke o fumane, hobane o ineeletse ho etsa bobe moo Morena a ntseng a o bona.
21. Ke tla o dihela koduwa, ke fedise ditloholo tsa hao. Ke tla bolaya ba batona bohle ba lelapa la Akabe, naheng ya Iseraele; e ka ba makgoba kapa ba lokolohileng.
22. Lelapa la hao ke tla le etsa jwalokaha ke ne ke etse lelapa la Jeroboame, mora wa Nebate, le jwalokaha ke ne ke etse lelapa la Basha, mora wa Ahiya, hobane o mphepheditse hoo ke bileng ke o halefetseng; o entse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.”
23. Morena a bua le ka Jesebele, a re: “Dintja di tla jella setopo sa Jesabele kahara motse wa Jesereele.