11. Banna ba motse oo wa habo Nabote, e leng baholo le mahosana, bao e neng e le baahi ba motse oo, ba phetha taelo eo Jesabele a neng a ba rometse yona, jwalokaha e ne e ngotswe mangolong ao a neng a ba rometse wona.
12. Ba fela ba phatlalatsa letsatsi la ho itima dijo, mme Nabote a bewa setulong se ka sehloohong hara setjhaba.
13. Jwale banna ba babedi, ba kgopo, ba fihla ba dula kapele ho yena, ba mo qosa kapele ho setjhaba, ba re: “Nabote o ile a nyefola Modimo le kgosi!” Yaba ba hulanyetsa Nabote kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa.
14. Ba romela molaetsa ho Jesabele, ba re: “Nabote o tlepeditswe ka majwe, o shwele!”
15. Ha Jesabele a utlwa hore Nabote o tlepeditswe ka majwe, mme o shwele, a re ho Akabe: “Tsoha, o inkele tshimo ya morara ya Nabote wa Mojesereele, eo a ileng a hana ho o rekisetsa yona ka tjhelete, hobane Nabote e se e le mofu.”
16. Ha Akabe a utlwa hore Nabote o shwele, a ema, a theohela tshimong ya morara ya Nabote wa Mojesereele, a inkela yona.
17. Jwale lentswe la Morena la fihla ho Elia wa Tishebe, la re:
18. “Ema, o theohele Samaria ho Akabe, kgosi ya Iseraele. O tshimong ya morara ya Nabote, moo a theohetseng teng ho ya inkela yona.