1. Hoba tsena di fete, ha etsahala tsena: Nabote wa Mojesereele o ne a ena le tshimo ya morara Jesereele, e le haufi le ntlo ya bokgosi ya Akabe, kgosi ya Samaria.
2. Akabe a re ho Nabote: “Kaha tshimo ya hao ya morara e le haufi le ntlo ya ka, mphe yona, ke tle ke leme meroho ho yona. Ke tla o nea e mobu o motle ho feta eo; kapa haeba o rata, ke tla e reka ka tjhelete e e lokelang.”
3. Empa Nabote a re ho Akabe: “Morena a mpe a nthuse, ke se ke ka o nea lefa la bo-ntate.”
4. Akabe a kgutlela lapeng ha hae, pelo ya hae e tetebetse, a hloname, ka lebaka la puo eo Nabote wa Mojesereele a e buileng ho yena, hobane o ne a ile a re: “Nke ke ka o nea lefa la bo-ntate.” A ya paqama betheng ya hae, a shebile leboteng, a ikgurumetsa, a hana le ho ja.
5. Empa mosadi wa hae, Jesabele, a kena kamoo a leng kateng, a re ho yena: “Ke ka baka lang o hlonameng hakaale, o hanang le ho ja?”
6. Akabe a re ho yena: “Ke hobane ke ile ka bua le Nabote wa Mojesereele, ka re ho yena: <Nthekisetse tshimo ya hao ka tjhelete; kapa haeba o rata, ke tla o nea tshimo e nngwe ya morara bakeng sa yona.> Yena a nkaraba, a re: <Nke ke ka o nea tshimo ya ka ya morara.> ”
7. Jesabele, mosadi wa hae, a re ho yena: “Na hase wena ya busang naha ya Iseraele? Tsoha, o je, o nyakalle. Ke tla o nea tshimo eo ya morara ya Nabote wa Mojesereele.”
8. Yaba Jesabele o ngola mangolo lebitsong la Akabe, a ba a a hatisa ka letshwao la hae. Mangolo ana a a romela ho baholo le mahosana a ahileng le Nabote motseng oo wa habo.