9. Ka baka leo, a re ho maqosa a Bene-Hadade: “Bolellang monga ka, kgosi, le re: <Tsohle tseo o di batlileng ho mohlanka wa hao ka lekgetlo la pele ke tla di etsa, empa ha e le hona hona, nke ke ka ho etsa.> ” Maqosa a tsamaya, a isa karabo.
10. Bene-Hadade a boela a romela molaetsa ho yena, a re: “Ke tla futuhela Samaria ka boiyane ba bahlabani, hoo ha e mong le e mong wa bona a ka ngwatha lefupu la mobu wa teng, a ke keng wa ba lekana. Haeba ke sa etse jwalo, medimo e nketse tjena le tjena, esita le ho fetisa moo.”
11. Yaba kgosi ya Iseraele e a araba, e re: “Mmolelleng, le re: <Sentle ke ho boya le marumo le thebe; re tla boka ha di oraha.> ”
12. Bo-Bene-Hadade le dikgosi ba ne ba ntse ba enwa, ba le diahelong. Ha Bene-Hadade a utlwa molaetsa ona, a re ho bahlanka ba hae: “Theang theko!” Yaba ba thea theko, ba futuhela motse.
13. Jwale moporofeta e mong a fihla ho Akabe, kgosi ya Iseraele, a re: “Morena o bua tjena: <Na o bona boiyane boo ba bahlabani? Ke tla neelana ka bona matsohong a hao kajeno, mme o tla tseba hore ke nna Morena.> ”
14. Yaba Akabe o re: “E tla ba ka mang?”Moporofeta a re: “Morena o bua tjena: <E tla ba ka bahlanka ba mahosana a ditereke.> ”Akabe a re: “Ntwa e tla laolwa ke mang?”Moporofeta a mo araba, a re: “Ke wena.”
15. Jwale Akabe a bala bahlanka ba mahosana a ditereke, mme a fumana ba le makgolo a mabedi le mashome a mararo a metso e mmedi. Kamorao ho moo a bala bahlabani bohle ba bana ba Iseraele, mme bona ya eba dikete tse supileng.