1 Dikgosi 20:7-21 BIBELE (SSO89SO)

7. Yaba kgosi ya Iseraele e bitsa baholo ba setjhaba, e re: “A ke le boneng kamoo motho enwa a leng leqhoko kateng! O itse ke mo fe basadi ba ka, le bana ba ka, le silefera ya ka, le kgauta ya ka, mme ha ke a ka ka mo hanela ka letho.”

8. Baholo bohle, le setjhaba sohle, ba re ho yena: “O se mamele letho, leha e le ho dumela letho.”

9. Ka baka leo, a re ho maqosa a Bene-Hadade: “Bolellang monga ka, kgosi, le re: <Tsohle tseo o di batlileng ho mohlanka wa hao ka lekgetlo la pele ke tla di etsa, empa ha e le hona hona, nke ke ka ho etsa.> ” Maqosa a tsamaya, a isa karabo.

10. Bene-Hadade a boela a romela molaetsa ho yena, a re: “Ke tla futuhela Samaria ka boiyane ba bahlabani, hoo ha e mong le e mong wa bona a ka ngwatha lefupu la mobu wa teng, a ke keng wa ba lekana. Haeba ke sa etse jwalo, medimo e nketse tjena le tjena, esita le ho fetisa moo.”

11. Yaba kgosi ya Iseraele e a araba, e re: “Mmolelleng, le re: <Sentle ke ho boya le marumo le thebe; re tla boka ha di oraha.> ”

12. Bo-Bene-Hadade le dikgosi ba ne ba ntse ba enwa, ba le diahelong. Ha Bene-Hadade a utlwa molaetsa ona, a re ho bahlanka ba hae: “Theang theko!” Yaba ba thea theko, ba futuhela motse.

13. Jwale moporofeta e mong a fihla ho Akabe, kgosi ya Iseraele, a re: “Morena o bua tjena: <Na o bona boiyane boo ba bahlabani? Ke tla neelana ka bona matsohong a hao kajeno, mme o tla tseba hore ke nna Morena.> ”

14. Yaba Akabe o re: “E tla ba ka mang?”Moporofeta a re: “Morena o bua tjena: <E tla ba ka bahlanka ba mahosana a ditereke.> ”Akabe a re: “Ntwa e tla laolwa ke mang?”Moporofeta a mo araba, a re: “Ke wena.”

15. Jwale Akabe a bala bahlanka ba mahosana a ditereke, mme a fumana ba le makgolo a mabedi le mashome a mararo a metso e mmedi. Kamorao ho moo a bala bahlabani bohle ba bana ba Iseraele, mme bona ya eba dikete tse supileng.

16. Ba futuha ha tsatsi le le hloohong tsa mengala. Bo-Bene-Hadade le dikgosi tse mashome a mararo a metso e mmedi, tse neng di mo tlatsitse, ba ne ba ntse ba enwa, ba le diahelong, ba tahilwe.

17. Bahlankana ba mahosana a ditereke ba futuha pele.Bene-Hadade a romela dihlwela, tsa tla mo tsebisa, tsa re: “Banna ba Samaria ba a tla!”

18. Yaba o re: “Ebang ba tla ka kgotso, kapa ba tla ka ntwa, le ba thope.”

19. Bahlankana bao ba mahosana a ditereke ba tswa motseng, bahlabani ba ba setse morao.

20. Mohlabani ka mong a bolaya wa hae. Baarame ba baleha, mme Baiseraele ba ba phaladisa. Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a lwabela pere, a baleha le bahlabani ba palameng dipere.

21. Yaba kgosi ya Iseraele e ikakgela ntweng, e hapa dipere le dikariki tsa ntwa, Baarame bona ya ba etsa mofela.

1 Dikgosi 20