32. Yaba ba itlama matheka ka masela a mahwashe, ba qhaka dihlooho tsa bona ka dithapo, ba ya ho kgosi ya Iseraele, ba fihla ba re: “Mohlanka wa hao Bene-Hadade o re: <Ke a o rapela: O se ke wa mpolaya!> ”Yaba kgosi ya Iseraele e re: “O ntsa phela? Ke ngwaneso!”
33. Banna bao ba ba sedi haholo ho bona moo moya o fokelang teng, mme hanghang, ha ba bone, ba re: “E, ngwaneno Bene-Hadade!”Yaba e re: “Tsamayang, le yo mo lata!” Bene-Hadade a fihla ho kgosi ya Iseraele, mme ya mo palamisa kariki ya yona ya ntwa.
34. Jwale Bene-Hadade a re ho kgosi ya Iseraele: “Ke tla o buseletsa metse yohle eo ntate a neng a e hape ho ntatao, mme o ka iketsetsa dibaka tsa kgwebo Damaseka, jwalokaha ntate le yena a ne a di etse Samaria.”Akabe a re: “Ke tla o lokolla ha re ka etsa selekane.” Yaba ba etsa selekane le yena, a nto mo lokolla.
35. Ka taelo ya Morena, monna e mong wa sehlopha sa baporofeta a re ho molekane wa hae: “Nkotle ke a o rapela!” Empa monna eo a hana ho mo otla.
36. Yaba o re ho yena: “Kahobane ha wa hlompha taelo ya Morena, hanghang ha o tloha ho nna mona, tau e tla o bolaya.” Yare hanghang hoba a tlohe ho eo, tau ya kgahlana le yena, mme ya mmolaya.
37. A kgahlana le monna e mong hape, mme a re ho yena: “Nkotle, ke a o rapela!” Eo a mo otla, a mo ntsha maqeba.
38. Yaba moporofeta o a tsamaya, o emela kgosi tseleng, a ikgakantse ka ho itlama mahlo ka lesela.
39. Ha kgosi e feta a e howeletsa, a re: “Mohlanka wa hao o ne a ikakgetse moo ntwa e leng mahlomafubedu; yaba monna e mong o tswa hara theko, o ntlisetsa motho, o re ho nna: <Disa motho enwa! Haeba a ka tshoha a phonyoha, o tla bolawa bakeng sa hae; ho seng jwalo o tla lefa silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mene.>
40. Ha mohlanka wa hao a ntse a tshwere ka mona le ka mane, monna eo a nyamela.”Kgosi ya Iseraele ya re ho yena: “Kahlolo ya hao e tla ba yona eo. Ke wena ya itheretseng yona.”
41. Jwale a potlakela ho itlamolla mahlo, mme kgosi ya Iseraele ya bona hore ke e mong wa baporofeta.
42. Moporofeta eo a re ho kgosi: “Morena o bua tjena: <Kahobane o lokolotse motho eo ke neng ke rerile hore a timetswe, o tla bolawa bakeng sa hae; le setjhaba sa hao se bolawe bakeng sa setjhaba sa hae.> ”
43. Kgosi ya Iseraele ya ya tlung ya yona; ya fihla Samaria pelo ya yona e tetebetse, e tshwenyehile.