1 Dikgosi 20:18-26 BIBELE (SSO89SO)

18. Yaba o re: “Ebang ba tla ka kgotso, kapa ba tla ka ntwa, le ba thope.”

19. Bahlankana bao ba mahosana a ditereke ba tswa motseng, bahlabani ba ba setse morao.

20. Mohlabani ka mong a bolaya wa hae. Baarame ba baleha, mme Baiseraele ba ba phaladisa. Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a lwabela pere, a baleha le bahlabani ba palameng dipere.

21. Yaba kgosi ya Iseraele e ikakgela ntweng, e hapa dipere le dikariki tsa ntwa, Baarame bona ya ba etsa mofela.

22. Jwale moporofeta a fihla ho kgosi ya Iseraele, a re ho yona: “Tsamaya, o yo hlopha mabotho a hao, o bone hore na o tla etsa jwang, hobane ha selemo se thwasa kgosi ya Arame e tla o futuhela.”

23. Bahlanka ba kgosi ya Arame ba re ho yona: “Modimo wa bona ke modimo wa dithaba, ke kahoo ba ileng ba re hlola, empa ha re ka ba lwantshetsa diphuleng, ruri re tla ba hlola.

24. Jwale etsa tjena: Tlosa dikgosi bolaoding, mme bakeng sa tsona o bee balaodi ba mabotho.

25. Kgobokanya mabotho a lekanang le a ileng a bolawa; dipere di be kaalo ka tsa pele, le dikariki tsa ntwa di be kaalo ka tsa pele. Re tla ba lwantshetsa phuleng, mme ruri re tla ba hlola.” Yaba o mamela seo ba se buang, mme a etsa jwalo.

26. Ha selemo se thwasa, Bene-Hadade a kgobokanya Baarame, a nyolohela Afeke, a futuhela Baiseraele.

1 Dikgosi 20