1. Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a kgobokanya lebotho la hae. O ne a ena le dikgosi tse mashome a mararo a metso e mmedi, tse nang le dipere le dikariki tsa ntwa. A nyoloha, a futuhela Samaria, a e etsetsa thibella.
2. Yaba o romela maqosa ka motseng, ho Akabe, kgosi ya Iseraele, o re ho yena: “Bene-Hadade o bua tjena:
3. <Silefera ya hao le kgauta ya hao ke tsa ka; le basadi ba hao, le bana ba hao ba batlebatle, ke ba ka.> ”
4. Yaba kgosi ya Iseraele e a araba, e re: “Jwalokaha o se o boletse, monga ka, kgosi ya ka, ke wa hao; le tsohle tseo ke nang le tsona ke tsa hao.”
5. Maqosa a boela a tla, a re: “Bene-Hadade o bua tjena, o re: <Le hoja ke ne ke o rometse molaetsa, ke itse o ntlisetse silefera ya hao, le kgauta ya hao, le basadi ba hao, le bana ba hao,
6. hosasane, ka yona nako ena, ke tla romela bahlanka ba ka ho wena, ba tlo hlahloba ntlo ya hao, le matlo a bahlanka ba hao, mme ba inkele ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya bohlokwa ho wena, ba tsamaye ka yona.> ”
7. Yaba kgosi ya Iseraele e bitsa baholo ba setjhaba, e re: “A ke le boneng kamoo motho enwa a leng leqhoko kateng! O itse ke mo fe basadi ba ka, le bana ba ka, le silefera ya ka, le kgauta ya ka, mme ha ke a ka ka mo hanela ka letho.”