8. “O se ke wa lebala Shimei, mora wa Gera wa Mobenjamine, ya tswang Bahurime, ya neng a nkgahlanyetse Jorodane. O ne a nkgahlanyetse ka mahlapa a tshabehang, mohla ke neng ke eya Mahanaime. Ke ne ke mo hlapanyetse ka lebitso la Morena, ka re: <Nke ke ka o bolaya.>
9. Empa o se ke wa ba wa mo tshwarela. Kaha o motho ya bohlale, o so tla bona hore na o mo etsa jwang, hore moriri wa hae o moputswa o theohele Nqalong ya Bafu o le madi.”
10. Davida a shwa, mme a epelwa Motseng wa Davida.
11. Nako eo Davida a ileng a busa Iseraele ka yona e bile dilemo tse supileng a le Heborone, le tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema, kaofela ya eba dilemo tse mashome a mane.
12. Solomone a dula teroneng ya ntatae Davida, mme mmuso wa hae wa tsitsa.
13. Adoniya, mora wa Hagite, a ya ho Batesheba, mma Solomone. Batesheba a re ho yena: “Na o tla ka kgotso?”Adoniya a araba, a re: “Ke tla ka kgotso.”
14. Adoniya a boela a re: “Ke na le puonyana le wena.”Batesheba a re: “Bua!”
15. Adoniya a re: “O a tseba hore mmuso e ne e le wa ka, mme Baiseraele bohle ba ne ba lebeletse hore ke buse. Empa mmuso o ile wa mphonyoha, Morena a o nea moreso.
16. Jwale ke kopa ntho e le nngwe: O se ke wa mpa wa ntshwetsa.”Batesheba a re ho yena: “Bua!”