1 Dikgosi 2:6-17 BIBELE (SSO89SO)

6. Ka baka leo, sebetsa ka bohlale ba hao, hore moriri wa hae o moputswa o se ke wa theohela Nqalong ya Bafu ka kgotso.

7. “Ha e le bana ba Barasilai wa Mogileade, bona o ba etse hantle, e be ba bang ba ba jang le wena, hobane ba ile ba nkgauhela ha ke ne ke baleha ngwaneno Abosalome.

8. “O se ke wa lebala Shimei, mora wa Gera wa Mobenjamine, ya tswang Bahurime, ya neng a nkgahlanyetse Jorodane. O ne a nkgahlanyetse ka mahlapa a tshabehang, mohla ke neng ke eya Mahanaime. Ke ne ke mo hlapanyetse ka lebitso la Morena, ka re: <Nke ke ka o bolaya.>

9. Empa o se ke wa ba wa mo tshwarela. Kaha o motho ya bohlale, o so tla bona hore na o mo etsa jwang, hore moriri wa hae o moputswa o theohele Nqalong ya Bafu o le madi.”

10. Davida a shwa, mme a epelwa Motseng wa Davida.

11. Nako eo Davida a ileng a busa Iseraele ka yona e bile dilemo tse supileng a le Heborone, le tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema, kaofela ya eba dilemo tse mashome a mane.

12. Solomone a dula teroneng ya ntatae Davida, mme mmuso wa hae wa tsitsa.

13. Adoniya, mora wa Hagite, a ya ho Batesheba, mma Solomone. Batesheba a re ho yena: “Na o tla ka kgotso?”Adoniya a araba, a re: “Ke tla ka kgotso.”

14. Adoniya a boela a re: “Ke na le puonyana le wena.”Batesheba a re: “Bua!”

15. Adoniya a re: “O a tseba hore mmuso e ne e le wa ka, mme Baiseraele bohle ba ne ba lebeletse hore ke buse. Empa mmuso o ile wa mphonyoha, Morena a o nea moreso.

16. Jwale ke kopa ntho e le nngwe: O se ke wa mpa wa ntshwetsa.”Batesheba a re ho yena: “Bua!”

17. Adoniya a re: “Ke a o rapela: Ako mpuele le kgosi Solomone, hobane ha a na ho o swetsa: o re a ke a mphe Abishake wa Moshuneme, e be mosadi wa ka.”

1 Dikgosi 2