1 Dikgosi 2:37-46 BIBELE (SSO89SO)

37. Mohla o ka tlohang, wa tshela molatswana wa Kiderone, o tsebe hantle hore o tla shwa, mme o tla be o ipolaile.”

38. Shimei a re ho kgosi: “O bua hantle; mohlanka wa hao o tla phethisa jwalokaha monga ka, kgosi ya ka, a laetse.” Shimei a dula Jerusalema nako e telele.

39. Kamora dilemo tse tharo, bahlanka ba babedi ba Shimei ba thobela ho Akishe, mora wa Maaka, kgosi ya Gate. Yaba ho bolellwa Shimei, ho thwe: “Hela! bahlanka ba hao ba thobetse Gate!”

40. Shimei a ema, a qhaneha tonki ya hae, a ya Gate, ho Akishe, ho ya batla bahlanka ba hae. A tsamaya, a ya lata bahlanka ba hae Gate.

41. Solomone a bolellwa hore Shimei o ile a tloha Jerusalema, a ya Gate, a ba a kgutla.

42. Kgosi ya roma leqosa ho ya bitsa Shimei, mme ya re ho yena: “Na ha ke a ka ka o hlapantsha ka lebitso la Morena, ka ba ka o tiisetsa, ka re: <Mohla o ka tlohang Jerusalema, wa ya kae kapa kae, o tsebe hantle hore o tla shwa>? Yaba o re ho nna: <O bua hantle.>

43. Jwale ke ka lebaka lang o sa kang wa boloka kano eo o neng o e etse ka lebitso la Morena, le taelo eo ke o laetseng yona?”

44. Kgosi ya boela ya re ho Shimei: “O tseba bokgopo bohle bo ka pelong ya hao, boo o neng o bo etsetse Davida, ntate. Jwale Morena o o ahlolela bona.

45. Kgosi Solomone yena o tla hlohonolofatswa, mme Morena o tla tiisa terone ya Davida kamehla yohle.”

46. Ka taelo ya kgosi, Benaya, mora wa Jehoyada, a rutlolohela Shimei, a mmolaya.Jwale mmuso wa Solomone wa tiya.

1 Dikgosi 2