34. Yaba Benaya, mora wa Jehoyada, o a ya, o fihla a phehletsa Joabe, a mmolaya. Joabe a epelwa hahabo, pela lehwatata.
35. Yaba kgosi e bea Benaya, mora wa Jehoyada, hore e be molaodi wa mabotho bakeng sa Joabe; ya bea le moprista Sadoke bakeng sa Abiatare.
36. Kgosi ya roma leqosa ho ya bitsa Shimei, mme ya re ho yena: “Ikgahele ntlo Jerusalema, o dule teng, mme o se ke wa tloha wa ya kae kapa kae.
37. Mohla o ka tlohang, wa tshela molatswana wa Kiderone, o tsebe hantle hore o tla shwa, mme o tla be o ipolaile.”
38. Shimei a re ho kgosi: “O bua hantle; mohlanka wa hao o tla phethisa jwalokaha monga ka, kgosi ya ka, a laetse.” Shimei a dula Jerusalema nako e telele.
39. Kamora dilemo tse tharo, bahlanka ba babedi ba Shimei ba thobela ho Akishe, mora wa Maaka, kgosi ya Gate. Yaba ho bolellwa Shimei, ho thwe: “Hela! bahlanka ba hao ba thobetse Gate!”
40. Shimei a ema, a qhaneha tonki ya hae, a ya Gate, ho Akishe, ho ya batla bahlanka ba hae. A tsamaya, a ya lata bahlanka ba hae Gate.
41. Solomone a bolellwa hore Shimei o ile a tloha Jerusalema, a ya Gate, a ba a kgutla.
42. Kgosi ya roma leqosa ho ya bitsa Shimei, mme ya re ho yena: “Na ha ke a ka ka o hlapantsha ka lebitso la Morena, ka ba ka o tiisetsa, ka re: <Mohla o ka tlohang Jerusalema, wa ya kae kapa kae, o tsebe hantle hore o tla shwa>? Yaba o re ho nna: <O bua hantle.>
43. Jwale ke ka lebaka lang o sa kang wa boloka kano eo o neng o e etse ka lebitso la Morena, le taelo eo ke o laetseng yona?”
44. Kgosi ya boela ya re ho Shimei: “O tseba bokgopo bohle bo ka pelong ya hao, boo o neng o bo etsetse Davida, ntate. Jwale Morena o o ahlolela bona.
45. Kgosi Solomone yena o tla hlohonolofatswa, mme Morena o tla tiisa terone ya Davida kamehla yohle.”
46. Ka taelo ya kgosi, Benaya, mora wa Jehoyada, a rutlolohela Shimei, a mmolaya.Jwale mmuso wa Solomone wa tiya.