30. Benaya a kena ka Tenteng ya Morena, a fihla a re ho Joabe: “Kgosi e re: <Tswa!> ”Joabe a re: “Tjhe! Ke tla shwela hona mona!”Benaya a kgutlisetsa karabo ho kgosi, a re: “Joabe o buile tjena, mme o nkarabile tjena.”
31. Kgosi ya re ho yena: “Etsa jwalokaha a o boleletse. O mmolaye, o be o mo epele. Ka tsela ena, nna le ba lelapa leso, o tla be o re ntshitse molatong wa madi ao Joabe a a tsholotseng ntle ho lebaka.
32. Morena o tla be a phetetsa madi ao ka hlooho ya hae, hobane o ne a bolaye banna ba babedi, ba lokileng, ba molemo ho mo feta. O ne a ba bolaye ka sabole, ntate, Davida, a sa tsebe letho. Banna bao ke Abinere, mora wa Nere, molaodi wa mabotho a Iseraele, le Amasa, mora wa Jetere, molaodi wa mabotho a Juda.
33. Madi a bona a tla phetetswa ka hlooho ya Joabe, le ka ditloholo tsa hae kamehla yohle. Empa Morena o tla sitsa Davida, le ditloholo tsa hae, le lelapa la hae, le terone ya hae, ka kgotso ya kamehla.”
34. Yaba Benaya, mora wa Jehoyada, o a ya, o fihla a phehletsa Joabe, a mmolaya. Joabe a epelwa hahabo, pela lehwatata.
35. Yaba kgosi e bea Benaya, mora wa Jehoyada, hore e be molaodi wa mabotho bakeng sa Joabe; ya bea le moprista Sadoke bakeng sa Abiatare.
36. Kgosi ya roma leqosa ho ya bitsa Shimei, mme ya re ho yena: “Ikgahele ntlo Jerusalema, o dule teng, mme o se ke wa tloha wa ya kae kapa kae.
37. Mohla o ka tlohang, wa tshela molatswana wa Kiderone, o tsebe hantle hore o tla shwa, mme o tla be o ipolaile.”
38. Shimei a re ho kgosi: “O bua hantle; mohlanka wa hao o tla phethisa jwalokaha monga ka, kgosi ya ka, a laetse.” Shimei a dula Jerusalema nako e telele.
39. Kamora dilemo tse tharo, bahlanka ba babedi ba Shimei ba thobela ho Akishe, mora wa Maaka, kgosi ya Gate. Yaba ho bolellwa Shimei, ho thwe: “Hela! bahlanka ba hao ba thobetse Gate!”
40. Shimei a ema, a qhaneha tonki ya hae, a ya Gate, ho Akishe, ho ya batla bahlanka ba hae. A tsamaya, a ya lata bahlanka ba hae Gate.
41. Solomone a bolellwa hore Shimei o ile a tloha Jerusalema, a ya Gate, a ba a kgutla.
42. Kgosi ya roma leqosa ho ya bitsa Shimei, mme ya re ho yena: “Na ha ke a ka ka o hlapantsha ka lebitso la Morena, ka ba ka o tiisetsa, ka re: <Mohla o ka tlohang Jerusalema, wa ya kae kapa kae, o tsebe hantle hore o tla shwa>? Yaba o re ho nna: <O bua hantle.>
43. Jwale ke ka lebaka lang o sa kang wa boloka kano eo o neng o e etse ka lebitso la Morena, le taelo eo ke o laetseng yona?”