1 Dikgosi 2:20-31 BIBELE (SSO89SO)

20. Batesheba a re: “Ke na le koponyana e fokolang. Ke a o rapela: O se ke wa mpa wa ntshwetsa.”Kgosi ya re ho yena: “Kopa, mme, ha ke na ho o swetsa.”

21. Batesheba a re: “Ke kopa hore Abishake wa Moshuneme a newe Adoniya, ngwaneno, e be mosadi wa hae.”

22. Kgosi Solomone a araba, a re ho mmae: “Ke ka lebaka lang o kopang hore Adoniya a newe Abishake wa Moshuneme? Hoja wa hla wa mo kopela le wona mmuso, hobane ke moholwane wa ka; e bile le moprista Abiatare, le Joabe, mora wa Seruya, ke ba lehlakore la hae.”

23. Kgosi Solomone a hlapanya ka lebitso la Morena, a re: “Modimo a nketse tjena le tjena, esitana le ho feta, haeba nke ke ka bolaya Adoniya ka baka la kopo ena.

24. Ka Morena ya phelang, ya mpeileng, a ba a ntsitsisa teroneng ya ntate, ya Davida, ya ntheetseng lelapa, jwalokaha a ne a tshepise, hona kajeno lena Adoniya o tla bolawa.”

25. Ka taelo ya kgosi Solomone, Benaya, mora wa Jehoyada, a hlaba Adoniya, a mmolaya.

26. Kgosi ya re ho moprista Abiatare: “Eya Anatote, ha hao. O lokela ho bolawa, empa kajeno o ke ke wa bolawa, hobane o ne o jara areka ya Morena Modimo, o etella pele ntate, Davida, mme o jarisana ditsietsi tsohle le yena.”

27. Yaba Solomone o tlosa Abiatare setulong sa boprista ba Morena, e le hore ho tle ho phethahale polelo ya Morena, e neng e porofetwe Shilo, mabapa le ntlo ya Eli.

28. Ha ditaba tsena di fihla ho Joabe, ya neng a le ka lehlakoreng la Adoniya, e seng ka ho la Abosalome, a balehela ka Tenteng ya Morena, a fihla a itshwarella ka manaka a aletare.

29. Kgosi Solomone a tsebiswa, ha thwe: “Joabe o balehetse ka Tenteng ya Morena, ke yane o eme haufi le aletare.”Yaba Solomone o roma Benaya, mora wa Jehoyada, o re: “Tsamaya, o yo mmolaya!”

30. Benaya a kena ka Tenteng ya Morena, a fihla a re ho Joabe: “Kgosi e re: <Tswa!> ”Joabe a re: “Tjhe! Ke tla shwela hona mona!”Benaya a kgutlisetsa karabo ho kgosi, a re: “Joabe o buile tjena, mme o nkarabile tjena.”

31. Kgosi ya re ho yena: “Etsa jwalokaha a o boleletse. O mmolaye, o be o mo epele. Ka tsela ena, nna le ba lelapa leso, o tla be o re ntshitse molatong wa madi ao Joabe a a tsholotseng ntle ho lebaka.

1 Dikgosi 2