1 Dikgosi 2:15-25 BIBELE (SSO89SO)

15. Adoniya a re: “O a tseba hore mmuso e ne e le wa ka, mme Baiseraele bohle ba ne ba lebeletse hore ke buse. Empa mmuso o ile wa mphonyoha, Morena a o nea moreso.

16. Jwale ke kopa ntho e le nngwe: O se ke wa mpa wa ntshwetsa.”Batesheba a re ho yena: “Bua!”

17. Adoniya a re: “Ke a o rapela: Ako mpuele le kgosi Solomone, hobane ha a na ho o swetsa: o re a ke a mphe Abishake wa Moshuneme, e be mosadi wa ka.”

18. Batesheba a re: “Ho lokile, ke tla o buela le kgosi.”

19. Yaba Batesheba o ya ho kgosi Solomone, ho ya buella Adoniya. Kgosi ya ema ho mo amohela, ya mo obamela, ya dula teroneng ya yona, mma kgosi a fuwa setulo, mme a dula ka letsohong le letona ho kgosi.

20. Batesheba a re: “Ke na le koponyana e fokolang. Ke a o rapela: O se ke wa mpa wa ntshwetsa.”Kgosi ya re ho yena: “Kopa, mme, ha ke na ho o swetsa.”

21. Batesheba a re: “Ke kopa hore Abishake wa Moshuneme a newe Adoniya, ngwaneno, e be mosadi wa hae.”

22. Kgosi Solomone a araba, a re ho mmae: “Ke ka lebaka lang o kopang hore Adoniya a newe Abishake wa Moshuneme? Hoja wa hla wa mo kopela le wona mmuso, hobane ke moholwane wa ka; e bile le moprista Abiatare, le Joabe, mora wa Seruya, ke ba lehlakore la hae.”

23. Kgosi Solomone a hlapanya ka lebitso la Morena, a re: “Modimo a nketse tjena le tjena, esitana le ho feta, haeba nke ke ka bolaya Adoniya ka baka la kopo ena.

24. Ka Morena ya phelang, ya mpeileng, a ba a ntsitsisa teroneng ya ntate, ya Davida, ya ntheetseng lelapa, jwalokaha a ne a tshepise, hona kajeno lena Adoniya o tla bolawa.”

25. Ka taelo ya kgosi Solomone, Benaya, mora wa Jehoyada, a hlaba Adoniya, a mmolaya.

1 Dikgosi 2